Lentsoe la Molimo lea Phela
Na U ka Sebeletsa Setšoantšo?
Ho thoe’ng haeba kahlolo bakeng sa ho se rapele e le polao? Na joale u ne u ka rapela setšoantšo? Boo e bile boemo boo ho ileng hoa tobanoa le bona Babylona oa boholo-holo lilemo tse fetang 2 500 tse fetileng.
MORENA NEBUKADNEZARE o na le setšoantšo sa gauda se seholohali se ka bang bolelele ba limithara tse 27 se emisitsoeng lehoatateng la Dura. Joale o bokella matona a ’muso oa hae ho tsoa naheng eohle ho tla se rapela. Barapeli ba bararo ba Jehova ba bitsoang Shadrake, Meshake le Abede-Nego, joalokaha u ka bona, ba har’a ba teng.
Moemeli oa morena a hoeletsa hore bohle ba lokela ‘ho khumama, ’me ba rapele setšoantšo seo morena Nebukadnezare a se emisitseng.’ Haeba u ne u le moo, u ka be u entse joang? Bohle baa khumama ’me baa rapela ntle ho Shadrake, Meshake le Abede-Nego. Ba sala ba eme hobane baa tseba hore ho khahlanong le molao oa Molimo ho rapela setšoantšo.—Exoda 20:4, 5.
Barapeli ba bararo ba Jehova Molimo ba tlisoa ka pel’a morena Nebukadnezare. O-oa botsa: “Hleka le entse ka boomo na, ha le sa sebeletse melimo ea ka, le sa khumamele setšoantšo sa gauda seo ke se emisitseng na?” Joale o re: “Empa ha le sa khumame, le tla akheloa hang-hang seboping sa mollo o bohale; ’me molimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?”
U tobane le tšoso e joalo, u ka be u entse joang? Shadrake, Meshake le Abede-Nego, joalokaha u ka bona, ba bua ka sebete ’me ba re: “Bona, Molimo oa rōna, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla. . . . Leha ho se joalo, u tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa melimo ea hao, re ke ke ra khumamela setšoantšo sa gauda seo u se emisitseng.”
Morena o halefile hampe. O-oa laela: ‘Besang sebopi hasupa ho fetisa mehla! Ba tlameng ’me le ba akhele kateng!’ Empa ho etsahala’ng ho Shadrake, Meshake le Abede-Nego? Ba oela hare-hare ho mollo. Joale baa ema ’me ba qala ho tsamaea.
Ha morena a sheba, o bona batho ba bane ho e-na le ho bona ba bararo feela ba ntse ba tsamaea ba sa tsoa kotsi! Motho oa bone ke lengeloi leo Jehova a le rometseng ho sireletsa bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ha a bona hoo morena a tšoha haholo ’me a hoeletsa: “Shadrake, Meshake, le Abede-Nego, bahlanka ba Molimo o holimo-limo, tsoang, le tle mona!” ’Me ba tla.—Daniele 3:1-30.
Jehova o ne a thabisitsoe ke tumelo le sebete sa bahlanka ba hae. Le ka rōna o tla thaba, haeba re e-na le sebete sa bo bana bo rapela kapa ho hlompha setšoantšo sa mofuta ofe kapa ofe seo baeta pele ba lefatše ba ka ’nang ba se emisa.