Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 61 leq. 146-leq. 147 ser. 3
  • Ba Ile ba Hana ho Khumamela Setšoantšo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Hana ho Khumamela Setšoantšo
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Hana ho Inama
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Tumelo ea Bona e Ile ea Pholoha Liteko Tse Matla
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Molimo oa Hao ke Mang?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Na U ka Sebeletsa Setšoantšo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 61 leq. 146-leq. 147 ser. 3
Shadrake, Meshake le Abednego ba hana ho khumamela setšoantšo sa khauta

THUTO EA 61

Ba Ile ba Hana ho Khumamela Setšoantšo

Nakoana ka mor’a hore Morena Nebukadnezare a be le toro, o ile a etsa setšoantšo se seholo sa khauta. A se emisa thoteng ea Dura eaba o bitsa batho ba hlaheletseng ka ho fetisisa naheng eo, ba akarelletsang Shadrake, Meshake le Abednego ’me a re ba eme ka pel’a sona. Morena a laela a re: ‘Hang ha le utloa molumo oa literompeta, liharepa le liphala, le khumamele setšoantšo sena. Motho leha e le ofe ea sa se khumameleng o tla lahleloa ka mollong.’ Na Baheberu bao ba bararo ba ne ba tla khumamela setšoantšo kapa ba ne ba tla rapela Jehova feela?

Morena a laela hore ho letsoe ’mino. Batho bohle ba khumama ’me ba rapela setšoantšo, ntle le Shadrake, Meshake le Abednego. Batho ba ba bona, eaba ba re ho morena: ‘Baheberu bao ba bararo ba hana ho rapela setšoantšo.’ Nebukadnezare a re ba bitsoe ’me a re ho bona: ‘Ke tl’o le fa monyetla o mong oa hore le rapele setšoantšo sena. Haeba le sa se rapele, ke tl’o le lahlela ka mollong. Ha ho na molimo ea ka le pholosang liatleng tsa ka.’ Ba re: ‘Ha re batle hore u re fe monyetla o mong hape. Molimo oa rona o tla re pholosa. Empa le haeba a sa re pholose, tseba Morena hore re ke ke ra rapela setšoantšo.’

Nebukadnezare a halefa haholo. A re ho banna ba hae: ‘Besang mollo hore o chese haholo ho feta mehleng.’ Eaba o re ho masole: ‘Tlamang banna bana le ba lahlele mollong.’ Mollo o ne o chesa hoo ha masole a atamela ho oona, a ileng a shoa hang-hang. Baheberu ba bararo bona ba oela ka mollong. Empa ha Nebukadnezare a sheba ka mollong, a bona ho e-na le banna ba bane ba ntseng ba tsamaea har’a mollo empa ho lahletsoe ba bararo ka moo. A tšoha haholo ’me a re ho matona a hae: ‘Na ha rea lahlela banna ba bararo ka mollong? Empa joale ke bona ba bane ’me e mong oa bona ekare ke lengeloi.’

Eaba Nebukadnezare oa atamela ’me o re: ‘Tsoang ka moo, lona bahlanka ba Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.’ Batho bohle ba makala ha ba bona Shadrake, Meshake le Abednego ba tsoa ba sa cha. Mollo o ne o sa ba chesa letlalo, moriri esita le liaparo ’me ba sa nkhe le ho cha.

Kahoo, Nebukadnezare a re: ‘Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego o moholo. O rometse lengeloi la hae ho ba pholosa. Ha ho na molimo ea kang eena.’

Na le uena ho tšoana le Baheberu bao ba bararo, u ikemiselitse ho lula u tšepahalla Jehova ho sa tsotellehe se u etsahallang?

Morena Nebukadnezare o maketse ha a bona Shadrake, Meshake le Abednego ba tsoa mollong ba sa tsoa kotsi

“Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela ebile ke eena feela eo u lokelang ho mo sebeletsa.”—Matheu 4:10

Lipotso: Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba hana ho etsa’ng? Jehova o ile a ba pholosa joang?

Daniele 3:1-30

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela