Na U sa Hopola?
Na u thabetse litokollo tsa Molula-Qhooa tse ’maloa tse fetileng? Bona hore na u ka hopola lintlha tse latelang:
◻ Bakreste ba ka thusoa ke eng ho hlōla liphoso tsa ka sephiring?
Bakreste ba ratang ho khahlisa Jehova ba lokela ho phela ba le hlokolosi hore ba ke ke ba patela Molimo liphoso tsa bona. Hape, ba lokela ho amohela thuso ea Jehova ho hlōla bofokoli bo joalo. (Moeklesia 12:14; Ba-Filippi 4:13)—4/15, leqephe 20.
◻ Ke phephetso efe e amang ho hōla hoa Mokreste tsebong eo mohlanka e mong le e mong oa Jehova a lokelang ho e nahana ka ho teba?
Na mohlanka oa Jehova o utloisisa, a bile a chesehela ho amohela boikarabelo bo tlang le ho ba motho ea hōlileng ka ho phethahetseng oa moea? Kapa, o khotsofaletse feela ho hulana, hore ba bang ba mo jarele boikarabelo ba hae? (Ba-Galata 6:4, 5)—5/1, maqephe 9, 10.
◻ Re ka bontša mosa ka ho hlaolela setsoalle sa ’nete joang?
Mosa ka lehlakoreng la rōna o bontšoa ha re fa ba bang monyetla oa ho tseba hore rea ba ananela. Hona re ka ho etsa ka ho mamela ba bang ’me re sa laole moqoqo ka ho bua ka ho feteletseng ka rōna. Mosa o tsoela pele ho bontšoa ka ho alosa seo re se buang le ba bang. (Liproverbia 12:18)—5/15, leqephe 4.
◻ Jesu o ne a bolela’ng ha a re ho Mareka 9:50: “Le be le letsoai ka ho lōna”?
Jesu o ne a bua ka hore balateli ba hae ba nahanele, ba be bohlale, ba hahe, le ho thoba ka mantsoe le ka boitšoaro—ho itšoara hantle ho ba bang.—5/15, leqephe 24.
◻ Tse ling tsa lintlha tse hanyetsanang le hore Jesu o tsoetsoe ka la 25 Tšitoe ke life?
Tšitoe ke khoeli ea lipula le lirame Bethlehema, ka hona balisa ba ne ba ke ke ba e-ba ntle le mehlape ea bona. Ha ho bonahale ho ne ho le bonolo hore Cesare oa Roma o ne a ka kōpa batho ho tsamaea mariha ho ea ngolisa kaha Bajode ba ne ba se ntse ba le ntlheng ea ho fetohela Baroma.—6/1, leqephe 8.
◻ Ke hobane’ng ha kolobetso e lokela ho ba nako ea ho nahanisisa ka mokhoa o elileng bakeng sa ba eang kolobetsong?
Kolobetso ke nako ea ha motho a bontša hore o entse qeto ea bohlokoa—ho ikokobeletsa Molimo e le Morena ’Musi ’me, joaloka paki ea Jehova, ho se be karolo ea lefatše. (Luka 3:21; Mattheu 4:10; 1 Johanne 5:19)—6/1, leqephe 31.
◻ Jesu o ne a bolela’ng ha a re ho Luka 1:37: “Ha ho letho le ke keng la etsoa ke Molimo”?
Mantsoe a Jesu ha a bolele hore Molimo a ka bua ntho efe le efe empa ho e-na le hoo hore ha ho lentsoe kapa phatlalatso e fanoeng ke Jehova e ke keng ea phethahala. (Esaia 55:10, 11)—6/15, leqephe 14.
◻ Kajeno batho ba Jehova ba ka iphepa ka “polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo” joang (Mattheu 4:4)?
Ho iphepa hona ha ho etsoe feela ka hore motho a bale le ho ithuta Lentsoe la Molimo Bibele, empa ke ka hore batho ba Jehova, e le sehlopha kapa motho ka mong ba latsoe tsela e babatsehang eo ka eona Jehova a phethahatsang lipolelo tsa hae ho batho ba hae, a nka bohato molemong oa bona.—6/15, leqephe 17.
◻ Litšobotsi tse ling tse ka sehloohong tsa bolumeli ba Hindu ke life?
Barapeli ba Hindu ha ba busoe ke sehlopha leha e le sefe se setsing; ha ho mokhoa o beiloeng na ho rapela; mohloli oa litumelo tsa bona hase buka leha e le efe e kang Bibele; empa ho e-na le hoo, ka makholo a lilemo, ho hlahile libuka tse ngata-ngata tsa Hindu, hape ho hlahile likolo tse tšeletseng tse fapaneng tsa filosofi.—7/1, leqephe 4.
◻ Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba itšoara joang mabapi le motho eo e neng e se mofosi ea lelekiloeng empa eo ka boomo a latotseng tsela ea Bokreste?
Moapostola Johanne o fane ka keletso ka batho ba ‘tsoileng har’a rōna’ le ka ba neng ba tlisa thuto ea bohata. (1 Johanne 2:19) Ho 2 Johanne 10 o elelitse ka hore Bakreste ba ne ba sa lokela ‘ho amohela batho ba joalo malapeng a bona’ kapa ho ba lumelisa. Lentsoe la Senyesemane “apostasy” [“bokoenehi,” ka Sesotho] le tsoa lentsoeng la Segerike le nang le moelelo oa ‘karohano, ho lahla kapa bofetoheli,’ ’me motho eo ka boomo le ka molao a ikarotseng phuthehong ea Bokreste o ne a tla lokeloa ke tlhaloso e joalo. Bakreste ba tšepahalang ba ne ba ke ke ba rata botsoalle le mokoenehi ea joalo.—7/15, leqephe 31.
◻ Bolumeli ba ’nete bo ka khetholloa joang?
Bolumeli ba ’nete bo lokela ho khahlametsa litekanyetso tsa ’nete tsa Molimo joalokaha li beiloe ka Bibeleng; bo lokela ho hlahisa tholoana ea khotso ea lerato; hape bo tlameha ho hlompha lebitso la Molimo, Jehova.—7/15, leqephe 7.