Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 10/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Balisa Bao e Leng “Mehlala ho Mohlape”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Bokoenehi
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Taeo E Ka Hlahisang Litholoana tsa Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 10/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

◼ Ke karabelo efe e tšoanelehang eo phutheho e ka fanang ka eona haeba e mong a furalla tumelo ea ’nete ea Bokreste ’me a ikopanya le bolumeli bo bong?

Ntho e joalo e ne e etsahala ka linako tse ling lekholong la pele la lilemo. Ka baka leo, hoa utloahala hore le kajeno e-ea etsahala ka nako e ’ngoe. Ha e etsahala, ka tšoanelo phutheho e arabela ho sireletsa bohloeki ba moea ba Bakreste ba tšepahalang ba ka ho eona.

Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa bokoenehi e le “ho latola bolumeli ba motho, melao-metheo, mokha oa lipolotiki, jj.” E ’ngoe e re: “Bokoenehi . . . 1 : ho latola tumelo 2 : ho tlohela botšepehi ba nakong e fetileng.” Kahoo, Judase Iskariota o ne a le molato oa bokoenehi bo itseng ha a tlohela borapeli ba Jehova Molimo ka ho eka Jesu. Hamorao, ba bang e bile bakoenehi ka ho tlohela tumelo ea ’nete le ha moapostola Johanne le barutuoa ba bang ba pejana ba sa ntsane ba phela. Johanne o ngotse: “Ba tsoile ho rōna, empa e ne e se ba rōna; hobane hoja e be e le ba rōna, ba ka be ba setse ho rōna.”—1 Johanne 2:19.

Ho ka etsoa joang ha ntho e tšoanang e etsahala kajeno? Baholo, kapa balisa, ba phutheho ba ka ’na ba utloela ka Mokreste ea kolobelitsoeng ea khaolitseng ho kopanela le batho ba Jehova le eo ho bonahalang a se a ikamahantse le bolumeli bo bong. Tumellanong le mantsoe a Jesu ka ho ameha ka nku leha e le efe e lahlehang, balisa ba moea ba lokela ho thahasella ho thusa ea joalo.(Mattheu 18:12-14; bapisa 1 Johanne 5:16.) Empa ho thoe’ng haeba balisa ba khethetsoeng ho sebetsa taba eo ba fihlela qeto ea hore motho eo ha a sa batla ho amana ka eng kapa eng le batho ba Jehova ’me o ikemiselitse ho lula bolumeling ba bohata?

Ka bonolo feela ba ka phatlalletsa phutheho hore ea joalo o ikarotse, ’me kahoo ha e sa le e mong ao Lipaki tsa Jehova. Motho ea joalo o ne a tla be a ‘lahlile botšepehi ba hae ba pele,’ empa ha ho hlokahale hore ho nkoe bohato leha e le bofe bo tloaelehileng ba ho khaola. Hobane’ng? Hobane eena o se a ikarohantse le phutheho ka boeena. Mohlomong ha a leke ho ’na a kopana le baena ba hae ba nakong e fetileng e le hore a ka ba pheella hore ba mo latele. Ka lehlakoreng la bona, baena ba tšepahalang ha ba batle botsoalle ba hae, kaha ‘o tsoile har’a rōna, hobane e ne e se oa rōna.’ (1 Johanne 2:19) Motho ea ikarotseng joalo, ‘ea tsoileng har’a rōna’ a ka ’na a qala ho romela mangolo kapa lingoliloeng tse ntšetsang pele bolumeli ba bohata kapa bokoenehi. Hoo ho ne ho tla hatisa hore motho eo ka sebele ‘hase oa rōna.’

Leha ho le joalo, Mangolo a lemosa hore ba bang ba ka ’na ba leka ho lula har’a batho ba Molimo e be ha ba le har’a bona ba leka ho khelosa ba bang. Moapostola Pauluse o elelitse: “Ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.” (Liketso 20:30). Ka ho toba o lemositse Bakreste hore ba ‘iponele ho ba hlahisang likhaohano le likhopiso ka ho senya thuto eo ba ithutileng eona, ’me ba ba sesefe.’—Ba-Roma 16:17, 18.

Kahoo, haeba motho a fetoha moruti oa bohata har’a Bakreste ba ’nete, joalokaha ho ile ha etsa Hymenea le Filete mehleng ea Pauluse, balisa ba mohlape ba ne ba tla lokela ho nka mehato e sireletsang. Haeba motho a hana keletso ea bona e lerato ’me a tsoela pele ho hōlisa sehlopha sa bokhelohi, komiti ea baholo e ka khaola kapa ea leleka ea joalo ka lebaka la bokoenehi. (2 Timothea 2:17; Tite 3:10, 11) Baena le bo-khaitseli ka bomong ka phuthehong ba tla latela keletso ea Pauluse ea ho ‘sesefa’ ea neng a leka ho ‘hlahisa likhaohano.’ Johanne o elelitse ka ho tšoanang: “Ekare ha e mong a e-tla ho lōna, ’me a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lōna, ’me le se ke la mo lumelisa.”—2 Johanne 10.

◼ Ha Bajode ba khutlela Jerusalema ho tsoa botlamuoeng Babilona, na tsela eohle eo ba ileng ba e tsamaea e ne e le lik’hilomethara tse 800 kapa 1 600?

Bohole ba sebaka ho tloha Babilona oa boholo-holo ho ea Jerusalema e ne e le lik’hilomethara tse 800. Leeto leo le ne le tla bolela ho feta sebakeng seo ho sa tsamauoeng habonolo ho sona, ho akarelletsa le lehoatata le bataletseng. Athe tsela e ’ngoe eona e ne e pheta habeli eo ho tloha khohlong ea Eufrate ho ea Harane, le ho theosa Damaseka ho kena Naheng ea Pallo. Abrahama o ile a sebelisa tsela ena ea bobeli ha a tloha le lelapa la hae Ure ho ea Kanana.—Genese 11:31–12:5.

Bibele ha e hlalose tsela e neng e nkuoe ke Bajode ha ba khutlela Jerusalema ho tsoa botlamuoeng Babilona. (Esdrase 8:1-32; 7:7-9) Ka hona ha ho palo leha e le efe ho tsena tse peli eo ho ka etsahalang hore ke eona e nepahetseng kapa leha e le hore e ka fanoa bakeng sa leeto. Taba ea bohlokoa bo boholo ke hore Bajode ba khutlang ba ne ba lokolohile litumelong le litšebeletsong tsa Babilona ha ba feta ‘Tseleng ea Khalalelo.’—Esaia 35:8-10; bapisa maqephe 153-7 a buka Man’s Salvation out of World Distress at Hand! e hatisitsoeng ka 1975.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela