Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 10/15 maq. 29-30
  • Letela Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letela Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Letela Molimo”
  • Setšabelo sa Rōna se Mohau
  • Topollo e Tiisitsoe
  • ‘Ho Leta ka Khutso’
  • Rorisa Molopolli oa Rōna
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Bobeli ea Lipesaleme
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Buka ea Bibele ea 19—Lipesaleme
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lipina Tse ka Mangolong Tse Khothatsang Ebile e le Tse Rutang
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Pele ea Lipesaleme
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 10/15 maq. 29-30

Lintlha Tsa Bibele Tsa Sehlooho Lipesaleme Tsa 42 ho ea ho 72

Letela Jehova

Bahlanka ba Jehova ba ka thulana le liteko tsa tumelo ka mamello hobane Molimo ke Setšabelo sa bona le Molopolli oa bona. Hona ho bontšoa hantle hakaakang Bukeng ea Bobeli ea Lipesaleme! E, Lipesaleme tsa 42 ho ea ho 72 li paka hore re ka mamella haeba ka thapelo re letela Jehova hore a re namolele.

“Letela Molimo”

Ka kōpo bala Lipesaleme 42 ho ea ho 45. Molevi ea botlamuoeng o hloname ke hore a ke ke a ea sehalalelong sa Jehova, empa o khotsofalletse ho “letela Molimo” hore o sebetse e le Molopolli oa hae. (Lipesaleme tsa 42, 43) Joale ho tla thapeli bakeng sa sechaba se hateletsoeng, mohlomong e bua ka ho futuhela ha Baassyria Juda mehleng ea Morena Ezekiase. (Pesaleme ea 44) Ho latelang, pina ea lenyalo la borena e supa Messia, Jesu Kreste.—Pesaleme ea 45.

◆ 42:1—Mopesaleme o ne a tšoana joang le ‘khama e tsetselelang metsi’?

Ka lebaka le leng le itseng, Molevi enoa o ne a le botlamuoeng. O ne a hlolohetsoe borapeli sehalalelong sa Jehova hoo a neng a ikutloa eka ke khama e tona, kapa khama e tšehali e tsongoang, e nyoriloeng, e tsetselelang metsi naheng e nyoriloeng, e omeletseng. O ne a “tsetselela” kapa a nyoretsoe Jehova le tokelo ea ho rapela Molimo sehalalelong sa Oona. Temana ea 2.

◆ 45:1—“Taba tse monate” tse susumelitseng pelo ea mopesaleme ke life?

Karolo ea Pesaleme ena e sebeliselitsoe Jesu Kreste. (Pesaleme ea 45:6, 7; Ba-Heberu 1:8, 9) Ka hona pelo ea mopesaleme e ne e susumelitsoe ke ketsahalo ea kamoso—ho hlongoa ha ’Muso oa Messia ka 1914. Lipaki tsa Jehova, le tsona, li susumeletseha hore li bolele “taba ena e monate”.

Thuto ho Rōna: Phihlelo ea mopesaleme botlamuoeng e lokela ho re susumeletsa ho bontša kananelo e tebileng bakeng sa botsoalle boo re bo thabelang hona joale le batho ba Jehova. Haeba litlamo tse bakoang ke mahloriso ka nakoana li re thibela ho ba le bona, re ka nahanisisa ka thabo ea nakong e fetileng tšebeletsong e halalelang ’me re lokela ho rapella mamello ha re “letetse Molimo” hore o re khutlisetse botsoalleng bo mafolo-folo le barapeli ba oona.—Pesaleme ea 42:4, 5, 11; 43:3-5, NW.

Setšabelo sa Rōna se Mohau

Bala Lipesaleme tsa 46 ho ea ho 51. Jehova, Setšabelo sa rōna, o tla felisa lintoa. (Pesaleme ea 46) Ke “morena . . . oa lefatše lohle” ’me Mosireletsi enoa ea sa hlōloeng ke Molimo oa rōna kamehla le mehla. (Lipesaleme tsa 47, 48) Ba hateletsoeng ba tlameha ho letela Jehova, empa bohle ‘ba nyehelang mahlabelo e le teboho ea bona’ ba tla “bona poloko ea Molimo.” (Lipesaleme tsa 49, 50) Haeba re sitoa empa re baka, joaloka Davida ka sebe sa hae le Bathe-Sheba, Molimo o tla re lopolla molatong oa mali hobane ‘ha o khese pelo e robehileng, e hlomohileng.’—Pesaleme ea 51.

◆ 46:2—“Lefatše le ka sisinyeha” joang?

Le haeba lithaba li ka nyamella ka leoatleng tšisinyehong ea tlhaho ea lefatše, ba tšepang Molimo ba ne ba sa tl’o ba le lebaka la ho tšoha. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahala eng, ba ka ba le tšepo e sa sisinyeheng ho Jehova e le Setšabelo sa bona.

◆ 51:5—Davida o ne a bua ka sebe sefe?

O ne a sa bolele hore likamano tsa lenyalo, kemolo le pelehi ke boetsalibe, leha e le hore o ne a bua ka sebe leha e le sefe se tobileng sa ’m’ae. Ho e-na le hoo, o ne a lumela hore ka tlhaho ke moetsalibe joaloka ngoana oa Adama. (Jobo 14:4; Ba-Roma 5:12) Jehova ha a ka a hauhela Davida feela ka lebaka la selekane sa ’Muso empa hape le ka lebaka la pako ea hae.—2 Samuele 7:12-16.

Thuto ho Rōna: Pesaleme ea 46 e ne e tla tšoanela nako ea ha Jerusalema e ne e sokeloa ke Baassyria. A tseba hore ‘Molimo ke setšabelo, thuso e fumanehang habonolo nakong ea matsoalo,’ Morena Ezekiase a rapela Jehova, ’me motse oa lopolloa ka mokhoa oa mohlolo. (2 Marena, khaolo ea 19) Le rōna, ha re le litlallong, re lokela ho etsa Molimo Setšabelo sa rōna. Joang? Ka ho mo tšepa, re tšoarella Lentsoeng la oona, ’me re khomarela mokhatlo o hlophisitsoeng oa oona.

Topollo e Tiisitsoe

Bala Lipesaleme tsa 52 ho ea ho 57. Molimo o tla “fothola lefatšeng la ba utloang” motho e mobe ’me o tla “qhalanya masapo” a mang kapa mang ea hanyetsang batho ba Oona. (Lipesaleme tsa 52, 53) Ha Davida a ntse a tsongoa ke Saule, o ne a kholisehile ka tokollo ea bomolimo, ’me ha a hlasetsoe ka bolotsana, a jarisa Jehova phahlo ea hae. (Lipesaleme tsa 54, 55) Mopesaleme o ne a khotsofalletse ho letela Molimo hore o felise malimabe.—Lipesaleme tsa 56, 57.

◆ 52:8—Ea lokileng o tšoana le sefate sa mohloaare joang?

Sefate sa mohloaare se ka tšoantšetsa ho bea haholo, botle le seriti. (Jeremia 11:16; Hosea 14:6) Pesalemeng ena, molotsana ea khopo ea tla felella hampe o bapisoa le motho ea lokileng ea sireletsoang ’me a atleha joaloka sefate sa mohloaare se setala se setle.

◆ 54:1—Ke hobane’ng ha Davida a itse, “mpoloke ka lebitso la hao”?

Lebitso la bomolimo ha le na matla a mohlolo empa le ka emela Molimo ka booona. Kahoo, ka thapeli ena, Davida o ne a lumela hore Jehova a ka ba le hona ho boloka batho ba Hae. (Exoda 6:1-8) Le hoja Bazife ba ile ba senolela Morena Saule hore na Davida o hokae, tlhaselo ea Bafilista Iseraeleng ea khutsufatsa ho tsoma Davida ha Saule. (1 Samuele 23:13-29; Pesaleme ea 54, sehlooho) Kahoo Jehova a fela a boloka Davida.

Thuto ho Rōna: Lira tsa Davida li ne li chehile leraba ka pel’a hae. (Pesaleme ea 57:6) Leraba le joalo le tšoasang batho le ne le tla bontša maemo a bohloko kapa mamena a beang bahlanka ba Jehova kotsing. Empa bahanyetsi ba batho ba Molimo ba ka tšoasoa ke merero ea bona ea bobe. Kahoo haeba re itšetleha ka Jehova ’me re le seli, topollo ea rōna e tiisitsoe.—Liproverbia 11:21; 26:27.

‘Ho Leta ka Khutso’

Bala Lipesaleme tsa 58 ho ea ho 64. Ka lebaka la ho ameha ka leeme, Davida a rapella boiphetetso ba bomolimo khahlanong le ba khopo. (Lipesaleme tsa 58, 59) Ha a sokeloa ka ho hlōloa, a rapella ho lopolloa ’me o ne a tiisa hore Molimo o tla hatakela lira tseo. (Pesaleme ea 60) Jehova e ne e se e ile ea e-ba setšabelo sa Davida; ka hona o ne a tla letela poloko a khutsitse. (Lipesaleme tsa 61, 62) A qobelletsoe ho balehela feelleng, mohlomong ha Absalome a mo fetohela, Davida a thabisoa ke ho ba ‘moriting oa mapheo a Molimo.’ (Pesaleme ea 63) Mopesaleme o boetse a rapella tšireletso ho “ba sebetsang bokhopo” ’me o ne a kholisehile hore ea lokileng o tla fumana setšabelo ho Jehova.—Pesaleme ea 64.

◆ 58:3-5—Ba khopo ba tšoana le linoha joang?

Lipolelo tsa leshano le tse etselletsang tsa ba khopo li ka senya botumo ba sera, joalokaha mahloko a noha a ka bolaea. (Pesaleme ea 140:3; Ba-Roma 3:13; Jakobo 3:8) Ho feta moo, ba khopo ba tšoana le “marabe a ithibanyang litsebe,” hobane ba hana ho utloa e bile ha ba amohele tsamaiso.

◆ 63:4—Mosa o sa tšoanelang oa Molimo ‘o fetisa bophelo joang’?

Bophelo ntle ho Molimo bo haelloa ke morero oa sebele. Empa lerato le tšepahalang la Jehova le bontšitsoeng ho Davida le fane ka molemo oa ’nete bophelong ba hae. Ho ba haufi le Molimo kamehla ho etsa hore bophelo bo be le seo bo se bolelang ho bahlanka ba amohelehang ba oona, ho ba tiisetsa thuso ea bomolimo le tataiso ’me ho ba nolofaletsa ho lebella bophelo bo sa feleng thabong.

Thuto ho Rōna: Davida o ne a khotsofaletse ‘ho leta ka khutso’ bakeng sa Molimo hore o mo namolele. (Pesaleme ea 62:1-7, NW) A ineetse thatong ea Jehova, o ne a ikutloa a sireletsehile ’me a e-na le tšepo ho Molimo. Haeba re e-na le tšepo e joalo ho Jehova, “khotso ea Molimo’’ e tla lebela lipelo tsa rōna le mehopolo ea rōna ha re ntse re emetse topollo ea bomolimo lireng le mahlorisong.—Ba-Filippi 4:6, 7; Pesaleme ea 33:20.

Rorisa Molopolli oa Rōna

Bala Lipesaleme tsa 65 ho ea ho 72. Jehova o rorisoa e le mohloli oa chai, lipula tsa melupe, makhulo a matala le mehlape e phetheselang. (Pesaleme ea 65) ‘Lebitso la oona’ le lokela ho etsetsoa mehoo ea thabo. (Pesaleme ea 66) O lokela ho rorisoa, ’me o rokoa e le “Molimo o bolokang.” (Lipesaleme tsa 67, 68) Mahlomola a Messia a profetiloe, ’me Jehova o tlotlisoa e le “mopholosi” eo mopesaleme a tlang ho letela thuso ea hae. (Lipesaleme tsa 69-71) Tšepo eo e joalo e tla putsoa hobane ho tiisoa hore nala le topollo khatellong li tla ba teng lefatšeng ka bophara pusong e hlohonolofetseng ea Messia.—Pesaleme ea 72.

◆ 68:11—Ke bo-mang ba etsang “lekhotla le leholo” la basali?

Hoba Jehova a sebelise banna ba bahlabani ba Iseraele ho hlōla lira, basali ba Baiseraele ba ne ba bolela litaba tse molemo tsa tlhōlo ka pina, ’mino le motjeko. (1 Samuele 18:6, 7; bapisa Exoda 15:20, 21.) Kutlong ea “lentsoe” la Molimo kapa taelo ea oona, banna ba Iseraele ba loantša lira tsa Lefatše la Pallo ’me ba li hlōla. Hona ha fa basali ba Baiseraele litaba tse molemo tseo ba ka li bolelang meketeng ea tlhōlo. Kajeno, basebeletsi ba basali ba nka karolo e hlokomelehang e le baboleli ba ’Muso ba bolela litaba tse molemo tse mabapi le “lentsoe” la Jehova, tse akarelletsang ho hlokomelisa lichaba hore haufinyane li tla hlōloa ke Morena oa Messia, Jesu Kreste.

◆ 69:23—Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa kōptjoa ho khoehlisa matheka a lira?

Ha mesifa e matla e thekeng e imeloa, e ka sebetsa ka matla a maholo. Empa ha letheka le thothomela kapa le khoehla, mohlomong ka lebaka la tšabo, matla a ea fela. Thapeling ena ea topollo, Davida o ile a kōpa Molimo hore o amohe lira tsa hae matla ao li a sebelisang hampe.

◆ 72:16—Nala ee e supa eng?

‘Chai e kang ea Lebanone’ e ka ’na ea bolela lijo-thollo tse teteaneng le tse hōlelang holimo hoo li ka tšoantšoang le meru ea Lebanone e metala, e metle. Mohlomong mahlaka a malelele a matenya a tšehelitseng lihlooho tse tenya tsa lijo-thollo ho tloha mathuleng ho ea litlhorong tsa lithaba, a ne a ka tšoantša le likedare tse telelehali le tse khōlōhali tsa Lebanone. Hona ho supa chai e sa tloaelehang nakong ea puso ea Messia. ’Me ’nete ea hore ‘ba metseng ba tla atleha joaloka limela’ e bontša hore bafo ba Jesu ba lefatšeng ba tla ba bangata ka sebele.

Thuto ho Rōna: Mopesaleme o ile a rapela: “Uena ea re hlahiselitseng litsietsi tse ngata tse bohloko, u [Jehova] tla boela u re fe bophelo.” (Pesaleme ea 71:20) Le hoja Molimo o sa bake mathata a joalo, o re lumella hore re lekoe le ho fana ka karabo ho Mosomi oa hae, Diabolose. (Jakobo 1:13; Liproverbia 27:11) Ha ho mohla Jehova a re tlohellang hore re lekoe ho feta kamoo re ka jarang ’me a ka re thusa hore re tsoe litekong tsa rōna ka tumelo e matla. (1 Ba-Korinthe 10:13; 1 Petrose 1:6, 7) Bakreste ba tlotsitsoeng ba bone “litsietsi tse ngata tse bohloko” ha ba hlorisoa tlhorong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Empa Jehova a ba “nyolla” ka 1919, ’me ba tsoela pele tšebeletsong ea ’Muso, hamorao “bongata bo boholo” bo ikopanya le bona. (Tšenolo 7:9) Ruri Molopolli e Moholo o lokeloa ke thoriso ka lebaka la phello e joalo.

Ho hlokahala tumelo ho letela Molimo hore o re namolele. Re ka ’na ra lokela ho leta ka khutso hobane ho se letho leo re ka le etsang ho fetola maemo a rōna a thata. Leha ho le joalo, re tla khona ho mamella, joaloka bangoli ba lipesaleme, haeba re khotsofaletse ho letela Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela