Karolo 11
Lipina Tse ka Mangolong Tse Khothatsang Ebile e le Tse Rutang
Davida le ba bang ba ngola lipina tse sebelisoang borapeling. Bukeng ea Lipesaleme ho na le tse 150
LENGOLONG le lelelele ka ho fetisisa ka Bibeleng ho na le lipina tse rorisang Molimo. Lipina tsena li ngotsoe ka lilemo tse ka bang 1 000. Bukeng ea Lipesaleme ho na le lipolelo tse bontšang tumelo ka tsela e matla le e amang maikutlo ka ho fetisisa tse kileng tsa ngoloa. Lipineng tsena tsa thoriso ho totobala maikutlo a sa tšoaneng ao batho ba nang le ’ona a kang thabo le liteboho, esita le mesarelo, ho hlomoha le pako. Ho hlakile hore bangoli ba lipesaleme ba ne ba tšepa Molimo ba bile ba ikutloa ba le haufi le eena. Nahana ka e meng ea melaetsa e lipineng tsena.
Jehova o na le tokelo ea ho ba ’Musi, ’me o lokela ho rapeloa le ho rorisoa. Pesaleme ea 83:18 e re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Lipesaleme tse ngata li rorisa Jehova ka lintho tseo a li bōpileng, tse kang maholimo a tletseng linaleli, lintho tse hlollang tse phelang lefatšeng le ’mele oa motho o entsoeng ka tsela e makatsang. (Pesaleme ea 8, 19, 139, 148) Tse ling ha li rorisa Jehova li re ke Molimo ea pholosang le ho sireletsa ba tšepahalang. (Pesaleme ea 18, 97, 138) Tse ling li mo fa tlotla ea hore ke Molimo ea nang le toka, ea thusang ba hateletsoeng le ea ahlolang ba khopo.—Pesaleme ea 11, 68, 146.
Jehova o thusa ba mo ratang ebile oa ba khothatsa. Mohlomong pesaleme e tsebahalang ka ho fetisisa ke ea 23, moo Davida a reng Jehova ke Molisa ea lerato, ea tataisang linku tsa hae, ea li sireletsang le ho li hlokomela. Pesaleme ea 65:2 e hopotsa barapeli ba Jehova hore ke “Ea Utloang thapelo.” Pesaleme ea 39 le ea 51 e khothalitse ba bangata ba entseng libe tse khōlō. Lipesalemeng tseo Davida o bua ka tsela e amang pelo ha a bolela hore o baketse libe tsa hae ’me o bontša hore o na le tumelo ea hore Jehova o mo tšoaretse. Pesaleme ea 55:22 e re khothalletsa ho tšepa Jehova le ho lahlela mathata ’ohle a rōna ho Eena.
Jehova o tla fetola lefatše ka ’Muso oa Mesia. Ha ho pelaelo hore litemana tse ngata tsa Lipesaleme li phethahala ho Mesia, e leng Morena ea boletsoeng esale pele. Pesaleme ea 2 e profeta hore ’Musi enoa o tla felisa lichaba tse khopo, tse mo hanyetsang. Pesaleme ea 72 e bontša hore Morena enoa o tla felisa tlala, ho hloka toka le khatello. Pesaleme ea 46:9 e re Jehova o tla sebelisa ’Muso oa Mesia ho felisa lintoa esita le libetsa tsohle. Pesaleme ea 37 e bolela hore batho ba khopo ba tla felisoa, ’me ba lokileng ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng, ba phelisana ka khotso le ka kutloano.
—E thehiloe bukeng ea Lipesaleme.
◼ Ke joang Lipesaleme li tšehetsang taba ea hore Jehova o na le tokelo ea ho busa?
◼ Ke lipesaleme life tse bontšang hore Jehova o thusa batho ba mo ratang ebile oa ba khothatsa?
◼ Ho latela buka ea Lipesaleme, Jehova o tla fetola lefatše joang?
[Lebokose le leqepheng la 14]
SEFELA SA LIFELA
Bukeng ea Sefela sa Lifela, morena Solomone o bontša hore esita le leruo le lengata ha lea ka la etsa hore a ratoe ke mosali e mong le e mong. O bolela hore o ile a leka ho hapa pelo ea pabala e ’ngoe ea moroetsana e monyenyane ea neng a ratana le molisana. Pina ena e hlahang ka mangolong e bontša hore ha batho ba ratana, ba lokela ho itšoara e le hore ba se ke ba etsa lintho tse soabisang. Baratani bana ba bacha ba itšoere hantle ebile baa tšepahala.
[Chate e leqepheng la 14]
Genese
Exoda
Levitike
Numere
Deuteronoma
Joshua
Baahloli
Ruthe
1 Samuele
2 Samuele
1 Marena
2 Marena
1 Likronike
2 Likronike
Esdrase
Nehemia
Esthere
Jobo
● Lipesaleme
Liproverbia
Moeklesia
● Sefela sa Lifela
Esaia
Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
Ezekiele
Daniele
Hosea
Joele
Amose
Obadia
Jonase
Mikea
Nahume
Habakuke
Sofonia
Hagai
Zakaria
Malakia
Matheu
Mareka
Luka
Johanne
Liketso
Baroma
1 Bakorinthe
2 Bakorinthe
Bagalata
Baefese
Bafilipi
Bakolose
1 Bathesalonika
2 Bathesalonika
1 Timothea
2 Timothea
Tite
Filemone
Baheberu
Jakobo
1 Petrose
2 Petrose
1 Johanne
2 Johanne
3 Johanne
Juda
Tšenolo