Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ke hobane’ng ha palo ea Lipesaleme le ea litemana tsa tsona e sa tšoane liphetolelong tse fapa-fapaneng tsa Bibele?
Phetolelo ea Sefora e hatisitsoeng ke Robert Estienne ka 1553 ke eona Bibele ea pele e feletseng e ileng ea aroloa ka likhaolo le litemana. Leha ho le joalo, ho bonahala eka le pele ho moo, buka ea Lipesaleme e ne e ntse e arotsoe, etsoe e ne e le lipesaleme kapa lipina tse sa tšoaneng, tse qapiloeng ke batho ba ’maloa.
Ho hlakile hore Jehova ke eena ea ileng a laela Davida hore a qale ho bokella lipesaleme tse neng li tla sebelisoa borapeling ba sechaba. (1 Likronike 15:16-24) Ho lumeloa hore hamorao Esdrase, eo e neng e le moprista le “mokopitsi ea nang le tsebo,” ke eena ea ileng a hlophisa buka eohle ea Lipesaleme hore e be kamoo e leng kateng kajeno. (Esdrase 7:6) Ka lebaka leo, ha buka ea Lipesaleme e hlophisoa, e ne e le lipesaleme tse arohaneng.
Puong eo moapostola Pauluse a ileng a e beha synagogeng ea Antioke, (Pisidia), leetong la hae la pele la boromuoa, o ile a qotsa bukeng ea Lipesaleme ’me a re: “Esita le joalokaha ho ngoliloe pesalemeng ea bobeli, ‘U mora oa ka, ke u tsoetse letsatsing lena.’” (Liketso 13:33) Libibeleng tsa kajeno, mantsoe ana a ntse a hlaha pesalemeng ea bobeli, temaneng ea 7. Leha ho le joalo, lipalo tse sebelisitsoeng lipesalemeng tse ngata ha li tšoane liphetolelong tse fapa-fapaneng tsa Bibele. Lebaka la sena ke hore liphetolelo tse ling li thehiloe libukeng tsa Seheberu tsa Masorete, athe tse ling li thehiloe ho Septuagint ea Segerike e tsoang Seheberung, e ileng ea phethoa lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Ka mohlala, Vulgate ea Selatine, eo Libibele tse ngata tsa K’hatholike li nkiloeng ho eona, e sebelisa lipalo tsa lipesaleme tse fumanoang ho Septuagint, athe Phetolelo ea Lefatše le Lecha le liphetolelo tse ling li latela libuka tsa Seheberu tsa Masorete.
Phapang e totobetseng ke efe? Libuka tsa Seheberu li na le kakaretso ea lipesaleme tse 150. Leha ho le joalo, Septuagint, e kopotse Pesaleme ea 9 le ea 10 hape e kopotse Pesaleme ea 114 le ea 115. Ho feta moo, e arotse Pesaleme ea 116 le ea 147 koto tse peli pesaleme ka ’ngoe. Le hoja ho Septuagint palo e akaretsang ea lipesaleme e tšoana, empa palo ea lipesaleme ho tloha ho Pesaleme ea 10 ho ea ho Pesaleme ea 146 e fetoa ke ea libuka tsa Seheberu ka pesaleme e le ’ngoe. Kahoo, Pesaleme e tloaelehileng ea 23, e hlaha e le Pesaleme ea 22 ho Douay Version, e nkileng lipalo tsa Vulgate ea Selatine, ’me Vulgate eona e nkile tsa Septuagint.
Ntho ea ho qetela, palo ea litemana tsa lipesaleme tse ling e ka ’na ea fapana ka liphetolelo. Hobane’ng? Cyclopedia ea McClintock le Strong e re ke hobane liphetolelo tse ling li latela “mokhoa oa Sejuda oa ho nka sehloohoana e le temana ea pele,” empa tse ling ha li etse joalo. Ha e le hantle, haeba sehlooho kapa sehloohoana se le selelele, hangata se nkoa e le litemana tse peli, ’me ka lebaka leo, palo ea litemana tsa pesaleme eo ea eketseha.