Pale ea Bophelo
Karolo ea ka Ntšetso-peleng ea ho Ruta Bibele Lefatšeng Lohle
JOALOKAHA HO BOLETSE ROBERT NISBET
Morena Sobhuza II oa Swaziland o ile a nkamohela le moena oa ka George lapeng la hae la borena. E ne e le ka selemo sa 1936, empa ke sa ntsane ke hopola puisano ea rōna hantle. Lebaka leo ka lona ke ileng ka ba le puisano ena e telele le morena ke hore e ne e le nako e telele ke etsa mosebetsi o moholo oa ho ruta Bibele. Hona joale ha ke le lilemo li 95, ke hopola ka thabo karolo eo ke bileng le eona mosebetsing oo o nkisitseng lik’honthinenteng tse hlano.
LITABA li qalile ka 1925 ha monna e mong ea rekisang tee ea bitsoang Dobson a qala ho etela lelapa leso Edinburgh, Scotland. Ke ne ke le mohlankanyana, ’me ke ne ke sebetsa moo ke ntseng ke ithutela ho ba moetsi oa meriana. Le hoja ke ne ke sa le monyenyane, ke ne ke amehile ka liphetoho tse khōlō tseo ntoa ea lefatše ea 1914-18 e li tlisitseng ka malapeng le tseleng eo batho ba ikutloang ka eona ka bolumeli. Ka lekhetlo le leng ha Monghali Dobson a re etetse, o ile a re siela buka ea The Divine Plan of the Ages. Tsela eo ka eona e neng e hlalosa ’Mōpi ea bohlale ea nang le “boikemisetso,” e ne e utloahala ’me e lumellana le Molimo eo ke neng ke batla ho mo rapela.
Ka potlako ’na le ’Mè re ile ra qala ho ba teng libokeng tsa Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng. Ka September 1926 ’na le ’Mè re ile ra bontša boinehelo ba rōna ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing kopanong ea Glasgow. E mong le e mong ea eang kolobetsong o ne a fuoa seaparo se selelele se faselletsoang maqaqailaneng hore a se apare ka holimo. Ka nako eo ho ne ho nkoa hore seaparo sena se loketse ketsahalo ena ea bohlokoa.
Mehleng eo ea pele, ho ne ho hlokahala hore kutloisiso ea rōna e lokisoe litabeng tse ngata. E ne e batla e le litho kaofela tsa phutheho tse ketekang Keresemese. Ke ba seng bakae feela ba neng ba ea tšimong. Le baholo ba bang ba ne ba re libuka li se ke tsa ajoa ka Sontaha, kaha ba ne ba nahana hore ke ho tlōla molao oa Sabatha. Leha ho le joalo, ka 1925 lihlooho tsa Molula-Qhooa li ile tsa qala ho bua haholo ka mangolo a kang Mareka 13:10 e reng: “Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.”
Mosebetsi oo oa lefatše lohle o ne o tla finyelloa joang? Ha ke qala ho leka ho bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo, ke ile ka bolella mong’a ntlo hore ke rekisa libuka tse monate tsa bolumeli ’me ka mo fa The Harp of God, e leng buka e hlalosang lithuto tse leshome tsa bohlokoa tsa Bibele, e li tšoantša le likhoele tse leshome tsa harepa. Hamorao re ile ra fuoa karete ea bopaki, e nang le molaetsa o mokhutšoanyane oo mong’a ntlo a neng a lokela ho o bala. Re ne re boetse re sebelisa lipuo tse rekotiloeng tsa metsotso e mene le halofo tseo re neng re li letsa keramafonong e nkehang habobebe. Likeramafono tsa pejana li ne li hlile li le boima, empa tsa morao tsona li ne li le bobebe, ’me tse ling tsa tsona li ne li ka letsoa le ha li thulamisitsoe.
Ho tloha ka 1925 ho fihlela ka bo-1930, re ne re etsa mosebetsi oa rōna oa bopaki hamolemo kamoo re ka khonang. Joale, mathoasong a bo-1940, ho ile ha thehoa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo liphuthehong tsohle. Re ile ra rutoa ho bolela molaetsa oa ’Muso ka ho bua ka ho toba le beng ba matlo ba neng ba mamela. Hape re ile ra ithuta hore ho bohlokoa ho khannela batho ba thabelang molaetsa oa rōna lithuto tsa mahae tsa Bibele. Ka tsela e itseng, re ka ’na ra re mosebetsi oa lefatše lohle oa ho ruta Bibele o qalile ka tsela eo.
Khothatso e Tsoang ho Mor’abo Rōna Rutherford
Takatso ea ka ea hore ke kopanele haholoanyane mosebetsing ona oa ho ruta e ile ea etsa hore ke ngolisetse ho ba pula-maliboho oa kamehla ka 1931. Ke ne ke lokela ho qala hang-hang ka mor’a kopano ea London. Leha ho le joalo, nakong ea lijo tsa motšehare, Mor’abo rōna Joseph Rutherford, ea neng a okametse mosebetsi ka nako eo, o ile a kōpa ho bua le ’na. O ne a batla ho romela pula-maliboho Afrika. O ile a botsa: “Na u ka rata ho ea teng?” Le hoja a ne a ntsomelitse, ka tieo ke ile ka re: “E, ke tla ea.”
Mehleng eo pakane ea rōna e ka sehloohong e ne e le ho aba lingoliloeng tsa Bibele tse ngata kamoo ho ka khonehang ’me re ne re tlameha ho lula re le tseleng kamehla. Ke ile ka khothalletsoa hore ke lule ke le lesoha joaloka barab’abo rōna ba bangata ba neng ba ikarabella. Tšimo ea ka e ne e qala Cape Town, e leng kou e ka boroa ea Afrika, ’me e sabaletse ho ea fihla ka bochabela k’honthinenteng ena, hape e ne e akarelletsa lihlekehleke tse lebōpong la Leoatle la Indian. Hore ke fihle moeling o ka bophirimela, ke ne ke lokela ho haola lehlabatheng le chesang la Lehoatata la Kalahari ’me ke nyolose ho ea mohloling oa Nōka ea Nile o Letšeng la Victoria. Tšimong ena e khōlō ea Afrika, ’na le mphato oa ka re ne re lokela ho qeta likhoeli tse tšeletseng ka selemo re le naheng e le ’ngoe kapa ho feta.
Mabokose a 200 a Manoni a Lijo Tsa Moea
Ha ke fihla Cape Town, ke ile ka bontšoa mabokose a 200 a lingoliloeng tse lokelang ho ea Afrika Bochabela. Lingoliloeng tsena li ne li hatisitsoe ka lipuo tse ’nè tsa Europe le tse ’nè tsa Asia, empa ho ne ho se na tse hatisitsoeng ka lipuo tsa Maafrika. Ha ke botsa hore na ke hobane’ng ha lingoliloeng tsena li fihlile pele ho ’na, ke ile ka bolelloa hore li ne li romeletsoe Frank le Gray Smith, e leng bo-pula-maliboho ba babeli ba neng ba sa tsoa ea Kenya ka mosebetsi oa boboleli. Hang hoba ba fihle Kenya, ba ile ba tšoaroa ke malaria, ’me ka bomalimabe Frank o ile a hlokahala.
Le hoja litaba tsena li ile tsa etsa hore ke ipotse lipotso tse ngata, ha lia ka tsa nkhathatsa matla. ’Na le mphato oa ka, David Norman, re ile ra tloha Cape Town ka sekepe ra leba Tanzania, kabelong ea rōna ea pele e hōle ka lik’hilomithara tse ka bang 5 000. Mohlophisi oa maeto oa Mombasa, Kenya, o ne a hlokomela lingoliloeng tsa rōna ’me a romela mabokose hohle moo re batlang. Qalong, re ne re paka libakeng tsa khoebo—e leng mabenkeleng le liofising—tsa motse o mong le o mong. Tse ling tsa lingoliloeng tsa rōna e ne e le sehlopha sa libuka tse 9 le libukana tse 11, tse neng li bitsoa lihlopha tsa mookoli ka lebaka la mebala ea tsona e sa tšoaneng.
Ka mor’a moo re ile ra etsa qeto ea ho etela sehlekehleke sa Zanzibar, se lik’hilomithara tse ka bang 30 ho tloha lebōpong le ka bochabela. Ka lilemo tse ngata Zanzibar e ne e le setsi sa khoebo ea makhoba empa hape e ne e tsebahala ka li-clove, tseo lephoka la tsona le neng le tletse toropo kaofela. Ho tsamaea ka har’a toropo ho ne ho batla ho ferekanya hobane toropo ena e ne e hahuoe ka mokhoa o ferekaneng. Literata li ne li tsoelipana ka tsela e makatsang, ’me re ne re lahleha habonolo. Hotele eo re neng re lula ho eona e ne e e-na le lintho tse hlokahalang, empa e ne e e-na le mamati a matenya le mabota a maholo ’me e ne e shebahala joaloka chankana eseng hotele. Leha ho le joalo, re ile ra atleha Zanzibar ’me ra thabela ho tseba hore Maarabe, Maindia le ba bang ba ne ba thabela lingoliloeng tsa rōna.
Literene, Likepe le Likoloi
Ho nka maeto Afrika Bochabela ho ne ho se bonolo mehleng eo. Ka mohlala, ha re tsoa Mombasa re e-ea lihlabeng tsa Kenya, terene ea rōna e ile ea emisoa ke leru la litsie. Litsie li ne li le ngata hoo li ileng tsa koahela naha le seporo sa terene, ’me tsa etsa hore seporo se thelle hoo mabili a terene a neng a sitoa ho tsamaea. Bothata bona bo ile ba hlōloa ka hore ho hlatsuoe seporo ka metsi a chesang a terene. Ka tsela ena, terene e ile ea tsamaea butle ho fihlela e feta lerung lena la litsie. Re ile ra ba ra utloa le litsebeng ha terene e qala ho hloa moepa ’me re khona ho thabela moea o pholileng oa lihlaba!
Ho ne ho le bonolo ho fihla litoropong tse lebōpong la leoatle ka terene le sekepe, empa ha ho uoa metseng ea mahaeng ho ne ho le molemo ho tsamaea ka koloi. Ke ile ka thaba ha moena oa ka George a tlil’o sebetsa le ’na, hobane joale re ile ra khona ho reka vene e khōlō e koahetsoeng, e neng e le khōlō hoo re ileng ra kenya libethe ka har’a eona, ra etsa kichine, sebaka sa polokelo le lifensetere tse sa keneng menoang. Hape re ile ra e kenya libuela-hōle ka holimo. Ka vene ena, re ne re khona ho paka ka ntlo le ntlo motšehare le ho memela batho lipuong tsa mantsiboea ’marakeng. Rekoto eo re neng re rata ho e letsa e ne e e-na le sehlooho se reng “Na Lihele Lia Chesa?” Re ile ra nka leeto ho tloha Afrika Boroa ho ea Kenya, e leng leeto la lik’hilomithara tse 3 000 ka “k’haravene” ea rōna, ’me lekhetlong lena re ile ra thabela ho ba le libukana tse sa tšoaneng ka lipuo tse ngata tsa Afrika, tseo batho ba libaka tsena ba ileng ba li amohela ka thabo.
Ntho eo re neng re e thabela maetong a mofuta ona ke hore re ne re khona ho bona liphoofolo tse ngata tse hlaha tsa Afrika. Ho hlakile hore, e le hore re se ke ra tsoa kotsi, re ne re lula ka veneng ha ho se ho phirimile, empa tumelo ea rōna e ne e matlafala ha re bona liphoofolo tse sa tšoaneng tse bōpiloeng ke Jehova li itsamaela ka bolokolohi.
Khanyetso ea Qala
Ke ’nete hore re ne re le hlokolosi ha re le har’a liphoofolo tse hlaha, empa sena e ne e se letho ha se bapisoa le seo ho neng ho hlokahala hore re se etse ha re tobana le batho ba sa tšoaneng ba boholong le baeta-pele ba bohale ba bolumeli ba ileng ba qala ho hanyetsa phatlalatsa mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso. Bothata bo bong bo boholo boo re ileng ra tlameha ho loana le bona e ne e le ba motho e mong ea chesehang ka ho feteletseng ea neng a ipitsa Mwana Lesa, e bolelang “Mora oa Molimo,” ’me sehlopha sa hae se ne se tsejoa e le Kitawala, eo ka bomalimabe e bolelang “Watchtower.” Nakoana pele re fihla, motho enoa o ne a khamisitse batho ba bangata ba Maafrika metsi a re oa ba kolobetsa. Qetellong o ile a tšoaroa ’me a fanyehoa. Hamorao, ke ile ka ba le monyetla oa ho bua le monna ea mo fanyehileng ho mo hlalosetsa hore Mwana Lesa o ne a sa amane le Mokhatlo oa rōna oa Watch Tower.
Re ile ra boela ra tšoara bothata ka Makhooa a mangata, ao ka mabaka a litaba tsa lichelete, a neng a sa thabele mosebetsi oa rōna oa ho ruta. Mookameli oa sebaka se seng sa ho boloka thepa o ile a tletleba a re: “E le hore lekhooa le ’ne le lule naheng ena, Moafrika ha aa tšoanela ho tseba hore o sebeletsa lelea.” Ka lebaka lona lena, mookameli oa morafo o mong oa khauta o ile a nteleka ka likhoka ofising ea hae. Ka bohale o ile a ntšala morao ho ea fihla seterateng.
Ha ho pelaelo hore ’muso oa Rhodesia (eo hona joale e leng Zimbabwe) o ile oa qetella o re lelekile ka hare ho naha ka lebaka la bahanyetsi ba joalo ba bolumeli le ba khoebo. Re ile ra nka boipiletso ka qeto ena ’me ra lumelloa ho lula ka hare ho naha hafeela re sa bolele litaba tse molemo ho Maafrika. Lebaka leo e mong ea boholong a ileng a fana ka lona e ne e le hore lingoliloeng tsa rōna “ha lia lokela kelello ea Moafrika.” Leha ho le joalo, linaheng tse ling tsa Afrika, mosebetsi oa rōna oa ho ruta Maafrika o ne o sa sitisoe, ’me o ne o bile o amoheloa. E ’ngoe ea linaha tsena e ne e le Swaziland.
Re Amoheloa ke Morena oa Swaziland
Swaziland ke naha e nyenyane e ipusang e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 17 364 ’me karolo e khōlō ea eona e pota-potiloe ke Afrika Boroa. Mona re ile ra kopana le Morena Sobhuza II oa kheleke, eo ho buuoeng ka eena qalong ea tlaleho ena. O ne a tseba Senyesemane hantle, seo a neng a ithutile sona univesithing e ’ngoe ea Brithani. O ne a apere liaparo tsa boikhathollo ’me o ile a re amohela ka mofuthu.
Puisanong ea rōna le eena re ile ra bua ka lefatše la Paradeise leo Molimo a rerileng ho le tlisetsa batho ba nang le tšekamelo e nepahetseng. Le hoja a ne a hlile a sa chesehele taba eo, o ile a hlakisa hore o chesehela taba e tšoanang le eo. Morena o ne a iteletse ho ntlafatsa bophelo ba mafutsana le batho ba sa rutehang. O ne a sa rate liketso tsa baromuoa ba bang ba Bokreste-’mōtoana, bao ho neng ho bonahala ba chesehela ho eketsa litho tsa likereke tsa bona ho feta ho ruta batho. Leha ho le joalo, morena enoa o ne a tseba mosebetsi oa bo-pula-maliboho ba rōna ba bangata, ’me o ile a re babatsa ka mosebetsi oa rōna oa ho ruta Bibele, haholo-holo kaha re ne re ikemiselitse ho o etsa re sa lefuoe kapa re sa lebella lintho tse ling.
Thuto ea Bibele ea Hōla
Ka 1943 ho ile ha thehoa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower bakeng sa ho koetlisa baromuoa. Taba-khōlō e ne e le hore ho thusoe bohle ba thabelang molaetsa oa rōna ho e-na le ho ameha feela ka ho tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele. Ka 1950 ’na le George re ile ra memeloa sehlopheng sa bo16 sa Gileade. Ke hona moo ke ileng ka tseba Jean Hyde, e leng morali’abo rōna ea inehetseng oa Australia ea ileng a abeloa ho ea ba moromuoa Japane ha re qeta ho abeloa mangolo. Bosooa bo ne bo tloaelehile haholo mehleng eo, kahoo ka nako eo setsoalle sa rōna ha sea ka sa tiea.
Ka mor’a ho koetlisoa Gileade, ’na le George re ile ra abeloa ho ea ba baromuoa Mauritius, e leng sehlekehleke se Leoatleng la Indian. Re ile ra etsa setsoalle le batho ba moo, ra ithuta puo ea bona ’me ra ba khannela lithuto tsa mahae tsa Bibele. Hamorao, moena oa ka William le mosali oa hae, Muriel, le bona ba ile ba abeloa mangolo Gileade. Ba ile ba romeloa tšimong eo nkileng ka sebetsa ho eona—e leng Kenya.
Lilemo tse robeli li ile tsa feta ka potlako, ’me kopanong ea machaba e neng e le New York ka 1958, ke ile ka boela ka kopana le Jean Hyde. Re ile ra tsosolosa setsoalle sa rōna eaba rea lebeletsana. Kabelo ea ka ea boromuoa e ile ea fetoloa, ’me ke ile ka tloha Mauritius ka ea Japane, ’me ke hona moo ’na le Jean re ileng ra nyalana ka 1959. Re ile ra qala nako e monate ea boromuoa Hiroshima moo ka nako eo ho neng ho e-na le phutheho e le ’ngoe e nyenyane. Kajeno, ho na le liphutheho tse 36 motseng ona.
Sayonara Japane
Ha lilemo li ntse li feta, ho kula ho ile ha re thatafalletsa boromuoa, ’me qetellong ho ile ha hlokahala hore re tlohe Japane ’me re e’o lula ha habo Jean, Australia. Ho ne ho le bohloko mohlang re tlohang Hiroshima. Ha re fihla polatefomong ea seteishene sa terene, re ile ra re sayonara, kapa salang ka khotso, ho metsoalle eohle ea rōna e ratehang.
Hona joale re lula Australia ’me re sebelisa hamolemo matla a rōna a fokolang, ’me re tsoela pele ho sebeletsa Jehova hammoho le Phutheho ea Armidale seterekeng sa New South Wales. E bile thabo e kaakang ho bolella batho ba bangata hakaale ’nete ea Bibele ka lilemo tse ka bang 80! Ke bone ha mosebetsi oa ho ruta Bibele o hōla haholo ’me ke bone liketsahalo tsa bohlokoa linthong tsa moea. Ha ho motho kapa sehlopha sa batho se ka ithorisang ka sena. Ka sebele, ha ke alima mantsoe a mopesaleme ke re, sena ‘se bile teng se tsoa ho Jehova; ke se hlollang mahlong a rōna.’—Pesaleme ea 118:23.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Moena oa ka George koloing ea rōna
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ke ’na Letšeng la Victoria
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Liithuti tsa sekolo se phahameng tse neng li le teng puong ea phatlalatsa Swaziland ka 1938
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Ke ’na le Jean mohla lechato la rōna ka 1959 le kajeno