Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb00 maq. 3-5
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le Matlafatsoe ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lerato la Lona le se ke la Fokotseha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lerato la Hao le Pharaletse Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Rata Molimo ea U Ratang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
yb00 maq. 3-5

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

“MOLIMO ke lerato.” (1 Joh. 4:16) Ho ke ke ha latoloa hore Jehova ke mothofatso ea lerato. Ho thabisa hakaakang ho phela nakong ee ea ha re bona litsela tse ngata tseo lerato la Molimo le bonahatsoang ka tsona le ha re bona bopaki ba hore morero o lerato oa Jehova o lebile phethehong ho se letho le o thibang!

Joaloka batho ba Molimo, re na le tokelo ea ho ba lipaki tsa Ea Holimo-limo. (Esa. 43:10-12) Jehova o buile tjena ka batho ba bitsoang ka lebitso la hae ba boholo-holo: “Ka lebaka la hore u bile bohlokoa mahlong a ka, u talimiloe u hlompheha, ’me ke u ratile.” (Esa. 43:4, NW) Mantsoe ana a sebetsa hape kajeno ho Baiseraele ba moea. Ho phaella moo, Jehova o rata bohle ba bongata bo boholo, ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Nahana feela! Jehova o re: “Ke u ratile.” Ka kelellong ea hao, na u ka utloa Jehova a bua seo mabapi le uena?

Le hoja re pota-potiloe ke batho ba bangata ba lefatše bao ‘lerato la bona le tapileng’ ’me sena se ka ’na sa re nyahamisa, ke khothatso e kaakang e tlisoang ke hore nako le nako re hlokomele ’nete ea hore Jehova oa re rata! (Mat. 24:12) Re le Lipaki tsa Jehova, re boetse re lipaki tsa lerato la hae le leholo kahobane bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi re utloa lerato la hae. Kaha Jehova oa re rata, ha re bolela litaba tse molemo, o hlohonolofatsa mosebetsi oa rōna re le batho ka bomong leha re le sehlopha. Sehlopha se Busang se sa tsoa theolela lihora tse hlokahalang khoeli le khoeli ho bo-pula-maliboho ba kamehla ho 70 le ho ba thusang ho 50. Sena se phahamisitse palo ea bo-pula-maliboho ka mokhoa o fetisisang. Selemong se fetileng sa tšebeletso, ka karolelano, Lipaki tse 738 343 li ne li tšoarehile e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba kamehla kapa ba thusang. Palo e kopaneng e ile ea etsa keketseho ea karolo ea 5,7 lekholong ka holimo ho karolelano ea selemo se fetileng. Ka lebaka la ho bolela ka cheseho le ka tlhohonolofatso ea Jehova, beke le beke, ka karolelano, ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse 45. Mafelo-beke a mang le a mang ho na le batho ba kolobetsoang ho pota lefatše. Selemong se fetileng, beke le beke ka karolelano, batho ba 6 220 ba ile ba kolobetsoa e le tšoantšetso ea boinehelo ba bona hape e le pontšo ea lerato la bona ho Jehova. Palo ea ba bolelang litaba tse molemo hona joale lefatšeng ka bophara e finyeletse tlhōrō ea ba 5 912 492.—Mat. 24:14.

Ho thuisa ka lerato la Molimo ho re hōlisa leratong la rōna ho Jehova. Re ka bontša hore rea mo rata ka ho bala Bibele kapa ka ho mamela litheipi tsa Bibele letsatsi le leng le le leng. Ka tloaelo re ipha nako bakeng sa ntho eo re e ratang. Haeba re rata Jehova, re tla ikitlaelletsa ho hlophisa kemiso ea rōna ea letsatsi le letsatsi ho bula monyetla oa ho bala karolo e ’ngoe ea Bibele. Ka nako e tšoanang, ho thuisa ka seo re se balang ho tla hōlisa lerato la rōna ho Jehova. Lerato le tsebo e nepahetseng li lokela ho matahana. Ho hotle ho ateloa ke tsona li le peli le hore ho se ke ha e-ba le eo u e hlokomolohang. Bafilippi 1:9 e re: “Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lōna le ka ata ka ho eketsehileng haholoanyane ka tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng.”—Bona Pesaleme ea 119:97.

Lerato la rōna ha lea tobisoa ho Jehova feela empa le tobisitsoe le ho bara bohle babo rōna ba lefatšeng. Re rata “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.” (1 Pet. 2:17) Qalong ea selemo sa tšebeletso, ba bangata ho lōna le ile la thabela setsoalle le baemeli ba neng ba tlile likopanong tsa machaba. Ba bang ba ile ba ahoa ke botsoalle likopanong tsa setereke.

Ho pholletsa le selemo se fetileng, barab’abo rōna ba likete ba ile ba feta har’a mathata ka lebaka la lintoa tsa lehae le likoluoa. Ho ile ha lokisetsoa matšolo a liphallelo hore ho thusoe ba hlokang. Maemong a mangata thuso e joalo e ile ea atolosetsoa le ho baahelani bao e seng Lipaki. Sena ke karolo ea seo re se etsang ho bontša lerato ho batho ba lefatšeng. Re le Bakreste, re ‘rata baahelani ba rōna.’ (Mat. 22:39) Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore boikarabelo ba rōna bo ka sehloohong ke ho kopanela ka cheseho mosebetsing o pholosang bophelo oa ho bolela le ho ruta—mosebetsi oa bohlokoa ho feta mosebetsi leha e le ofe o etsetsoang ho thusa batho.—Mat. 28:19, 20.

Kaha re phela lefatšeng leo ho lona boithabiso bo mabifi le ba boitšoaro bo bobe bo atang haholo le leo ho lona takatso ea maruo e leng ntho e nketsoeng holimo, ho hlokahala hore re tebise lerato la rōna ho Jehova e le hore re tsebe ho hana ho hoheloa ke lefatše. (1 Joh. 2:15) Ho ba teng libokeng kamehla ho tla re thusa ho finyella sena. Mopesaleme Davida o ile a ‘rata leaho la ntlo ea Molimo’ le ho lakatsa ho roka Jehova “liphuthehong.”—Pes. 26:8, 12.

Ho tebisa lerato la rōna ho Jehova ho re matlafaletsa hore re eme re tiile har’a mahloriso. Ka ho tšoanang, re matlafatsoa ke ho kholiseha hore ha ho sebōpuoa se ka ‘khonang ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.’—Baroma 8:39.

Re thabela ho le tsebisa hore ho tloha ka October 1999, ho khethiloe barab’abo rōna ba bane ba batlotsuoa hore ba sebetse le rōna Sehlopheng se Busang. Sena se phatlalalitsoe sebokeng sa selemo le selemo. Karolelano ea lilemo tsa bara bana babo rōna ba sa tsoa khethoa ke 57, ’me karolelano ea lilemo tsa bona ba le tšebeletsong ea nako e tletseng ke 31. Mabitso a bona ke Samuel F. Herd, M. Stephen Lett, Guy H. Pierce le David H. Splane.

Ebang u tsofetse, u lekane hantle lilemong, u mocha, kapa u ngoana, kholiseha hore Sehlopha se Busang se u rata haholo.—1 Joh. 3:23; 2 Joh. 1.

“E se eka le ka ekeletsoa mohau le khotso le lerato,” ha le ntse le ‘ipoloka leratong la Molimo.’—Jude 2, 21.

Barab’abo lōna,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela