Ha Bochabela bo Kopana le Bophirimela
“OHO, Bochabela ke Bochabela, ’me Bophirimela ke Bophirimela, tse peli tsena ha li sa tla kopana.” Mantsoe ana a mongoli oa lithothokiso oa Brithani Rudyard Kipling a re hopotsa phapang e tebileng ea litloaelo tse arolang moloko oa batho, tse tlatsetsang lehloeong la meloko, la merabe le lichaba le atileng lefatšeng lohle kajeno. Ba bangata baa botsa, Na Molimo a ke ke a etsa ho hong ka boemo boo? E, a ka ho etsa! ’Me le hona joale o ntse a etsa ho hong! Mola o latelang oa thothokiso ea Kipling o ile oa bua ka sena. Bochabela le Bophirimela li tla arohana halelele hakae? Thothokiso ena e itse: “Ho fihlela Lefatše le Maholimo li ema Setulong sa Molimo sa Kahlolo se seholo.”
Molimo o file Mora oa hae, Jesu Kreste boikarabelo ba ho ahlola. (Johanne 5:22-24, 30) Empa nako eo ea kahlolo e qala neng? Ke bo-mang ba ahloloang, hona e le ka phello efe? Ke Jesu eo boprofeteng a ileng a hlalosa lintoa tsa lefatše le matšoenyeho a tsamaeang le tsona a ileng a qala ho hlasela moloko oa batho ka selemo sa 1914. O ile a bontša hore tsena li tšoaea “pontšo ea ho ba teng” ha hae ho sa bonahaleng “le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho.”—Mattheu 24:3-8, NW.
Khubung ea boprofeta bona bo boholo, Jesu o tsebahatsa nako ea rōna ea hona joale e le ea kahlolo, ha a bua tjena ka eena: “Ha Mor’a motho a fihla khanyeng ea hae, ’me mangeloi kaofela a e-na le eena, ka nako eo o tla lula teroneng ea hae e khanyang. ’Me lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae, ’me o tla arola batho e mong ho e mong, feela joalokaha molisa a arola linku ho lipoli. ’Me o tla beha linku ka letsohong la hae le letona, empa lipoli ka ho le letšehali.” Ka tšoantšetso, hona joale batho bohle ba lefatše ba bokeletsoe ka pel’a Moahloli ’me ba ikarabella bakeng sa tsela eo ba arabelang ka eona molaetseng oa poloko. Ha kahlolo e lihuoa haufinyane mahlomoleng a maholo, batho ba se nang kutlo ba kang lipoli “ba tla felisoa ka ho sa feleng, empa ba lokileng [ba nang le kutlo ba kang linku] ba ee bophelong bo sa feleng.”—Mattheu 25:31-33, 46, NW; Tšenolo 16:14-16.
‘Ho Tloha Bochaba-tsatsi le ho Tloha Bolikela’
Ha e le hantle kahlolo ea lefatše lena e qalile lilemong tsa sefefo se matla sa Ntoa ea I ea Lefatše. Ka nako eo, ka lipelo tsohle baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba tšehetsa mabotho a loanang. Sena se ile sa ba tsebahatsa e le karolo ea lefatše le senyehileng le lokeloang ke “bohale ba Molimo.” (Johanne 3:36) Empa ho thoe’ng ka Bakreste ba ratang khotso ba ileng ba bonahatsa tumelo ho Molimo? Ho tloha selemong sa 1919, bana ba qalile ho bokelloa ka lehlakoreng la Morena, Kreste Jesu.
Ba tsoa likarolong tsohle tsa lefatše, ba pele e bile ba setseng ba batlotsuoa ba 144 000, ba khethiloeng ho theosa le makholo a lilemo a mehla ea Bokreste. Bana e lokela ho ba “majalefa hammoho le Kreste” ’Musong oa hae oa leholimo. (Ba-Roma 8:17) Ho bana moprofeta oa Molimo o re: “U se ke ua tšaba, hobane ke na le uena! Ke tla khutlisa leloko la hao bochabela, ke u bokelle le bophirimela. Ke tla re ho leboea: Busetsa; le ho boroa: U se ke ua thibela; u khutlisetse bara ba ka ba linaheng tse hole, le barali ba ka lipheletsong tsa lefatše; e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, hobane ke ba etselitse khanya ea ka; ke ’na ke ba entseng, ke ba bōpileng.”—Esaia 43:5-7.
Empa tsena ke linyane! Haholo-holo ho tloha lilemong tsa bo-1930, bongata bo boholo, boo hona joale bo baloang ka limilione, bo qalile ho bokelloa. Bana ke “linku” tseo Jesu a buileng ka tsona ho Mattheu 25:31-46. Joaloka masala a batlotsuoa ba bileng teng pele ho bona, ba “na le tumelo” ho Ea reng: ‘Le lipaki tsa ka, ’me ke ’na Molimo.’ (Esaia 43:10-12, NW) Ho bokelloa ha bongata bona bo boholo ho ntse ho tsoela pele ‘ho tloha bochaba-tsatsi le bolikela, ho tloha leboea le boroa, le ho tloha lipheletsong tsa lefatše.’
Linku tsena tse ratang khotso li kopanngoa hammoho ho ba boena bo le bong ba machaba. Li bua lipuo tse ngata tse sa tšoaneng tsa linaha tse 231 tseo li phelang ho tsona. Leha ho le joalo li kopane moeeng ka ho ithuta ‘puo e hloekileng’ ea molaetsa oa Bibele oa ’Muso, “e le hore kaofela ha tsona li ka bitsa lebitso la Jehova, e le hore li tle li mo sebeletse mahetla a bapile.” (Sofonia 3:9, NW) Bonngoe ba tsona tumelong, morerong le ketsong bo fana ka bopaki bo hlollang ba hore ka sebele Bochabela bo kopane le Bophirimela, le batho ba tsoang libakeng tsohle, ka morero oa ho sebeletsa le ho rorisa ’Musi Morena Jehova.
Linaheng tse ling ho bokella hona ho etsahala tlas’a maemo a tsotehang, joalokaha litlaleho tse latelang li bontša.