Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 114 leq. 264-leq. 265 ser. 3
  • Ha Kreste e le Morena, o Tla Ahlola Linku le Lipoli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Kreste e le Morena, o Tla Ahlola Linku le Lipoli
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Kreste a Fihla Matleng a ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho na le Bokamoso Bofe Bakeng sa Linku le Lipōli?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Nka Bohato ka Potlako ka “Pontšo”!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Bongata bo Boholo ba Barapeli ba ’Nete—Bo Tsoile Hokae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 114 leq. 264-leq. 265 ser. 3
Batho ba lichaba tsohle ba sheba leholimong ha ba emetse kahlolo ea Jesu

KHAOLO EA 114

Ha Kreste e le Morena, O Tla Ahlola Linku Le Lipoli

MATHEU 25:​31-46

  • JESU O ETSA PAPISO EA LINKU LE LIPOLI

Jesu o Thabeng ea Mehloaare ’me o qeta ho bolella barutuoa ba hae papiso ea baroetsana ba leshome le ea litalenta. O qetella karabo ea potso ea barutuoa ba hae e mabapi le ho ba teng ha hae le qetello ea tsamaiso ea lintho joang? O etsa seo ka ho etsa papiso ea ho qetela e buang ka linku le lipoli.

Jesu o qala ka ho ba bolella se tla etsahala, o re: “Ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena, joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang.” (Matheu 25:​31) Jesu o etsa hore ho hlake hore ke eena ea ka sehloohong papisong ena. Hangata o ipitsa “Mor’a motho.”​—Matheu 8:​20; 9:6; 20:​18, 28.

Jesu o lutse teroneng ea hae e khanyang ’me o ahlola batho ba tšepahalang e le linku

Papiso ee e tla phethahala neng? E tla phethahala ha Jesu a “fihla ka khanya ea hae,” mangeloi a e-na le eena ’me a lula “teroneng ea hae e khanyang.” O se a ile a bua ka ha “Mor’a motho a tla ka maru a leholimo ka matla le khanya e kholo” a e-na le mangeloi a hae. Seo se tla etsahala neng? “Kapele-pele ka mor’a matšoenyeho.” (Matheu 24:​29-31; Mareka 13:​26, 27; Luka 21:​27) Kahoo, papiso ena e tla phethahala ha Jesu a tla ka khanya ea hae. O tla etsa’ng ka nako eo?

Jesu o re: “Ha Mor’a motho a fihla . . . , lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae, ’me o tla arola batho e mong ho e mong, feela joalokaha molisa a arola linku ho lipoli. O tla beha linku ka letsohong la hae le letona, empa lipoli a li behe ka ho la hae le letšehali.”​—Matheu 25:​31-33.

Ha Jesu a bua ka linku tse behoang ka lehlakoreng le amohelehang, o re: “Joale morena o tla re ho ba ka ho la hae le letona, ‘Tloong, lona ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’Muso oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.’ ” (Matheu 25:​34) Ke hobane’ng ha linku li amoheloa ke Morena?

Morena oa hlalosa o re: “Ke ile ka lapa ’me la mpha se jeoang, ke ile ka nyoroa ’me la mpha se nooang. Ke ne ke le osele ’me la mpontša kamohelo ea baeti, ke hlobotse, ’me la nkapesa. Ke ile ka kula ’me la ntlhokomela. Ke ne ke le chankaneng ’me la tla ho ’na.” Ha linku tsena ‘tse lokileng’ li mo botsa hore na ke ka tsela efe li ileng tsa etsa lintho tsena tse molemo, Morena o re: “Ho isa tekanyong eo ho eona le ileng la ho etsa ho e mong oa ba banyenyane oa bana barab’eso, le ile la ho etsa ho ’na.” (Matheu 25:​35, 36, 40, 46) Ha ba etse lintho tsena leholimong etsoe ha ho na batho ba kulang kapa ba lapileng moo. Tsena e tlameha e le lintho tseo ba li etsetsang bara ba bo Kreste lefatšeng mona.

Sehlopha sa batho ba sa tšepahaleng se ahloloa e le lipoli

Ho thoe’ng ka lipoli tse behiloeng ka lehlakoreng le letšehali? Jesu o re: “Joale [Morena] o tla re ho ba ka ho la hae le letšehali, ‘Tlohang ho ’na, lona ba rohakiloeng, le kene mollong o sa feleng o lokiselitsoeng Diabolose le mangeloi a hae. Etsoe ke ile ka lapa, empa ha lea ka la mpha letho le jeoang, hape ke ile ka nyoroa, empa ha lea ka la mpha letho le nooang. Ke ne ke le osele, empa ha lea ka la mpontša kamohelo ea baeti, ke hlobotse, empa ha lea ka la nkapesa, ke kula ’me ke le chankaneng, empa ha lea ka la ntlhokomela.’ ” (Matheu 25:​41-43) Kahlolo ena e ba loketse hobane batho bana ba kang lipoli ba hlolehile ho tšoara bara ba bo Kreste lefatšeng mona ka mosa, joalokaha ba ne ba lokela ho etsa.

Baapostola baa ithuta hore kahlolo ena ea nakong e tlang e tlo ba le liphello tsa ka ho sa feleng. Jesu o re: “Joale [Morena] o tla ba araba ka mantsoe ana, ‘Kannete ke re ho lona, ho isa tekanyong eo ho eona le sa kang la ho etsa ho e mong oa bana ba banyenyane, ha lea ka la ho etsa ho ’na.’ Bana ba tla ea phelisong e sa feleng, empa ba lokileng ba ee bophelong bo sa feleng.”​—Matheu 25:​45, 46.

Ho na le ho hongata hoo balateli ba Jesu ba ka thuisang ka hona karabong eo Jesu a e fileng baapostola ba hae. Sena se tla ba thusa hore ba hlahlobe maikutlo a bona le liketso tsa bona.

  • Papisong ea Jesu ea linku le lipoli, “Morena” o emela mang ’me papiso eo e tla phethahala neng?

  • Ke hobane’ng ha batho bao e leng linku ba tla nkuoa e le ba tšoaneloang ke kamohelo ea Jesu?

  • Batho ba bang ba tla ahloloa e le lipoli tlas’a mabaka afe, hona bokamoso ba linku le lipoli e tla ba bofe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela