Ke Bo-mang?
LIPAKI TSA JEHOVA li lakatsa hore u li tsebe hamolemo. E ka ’na eaba u kile ua kopana le tseo u ahisaneng le tsona, tseo u sebetsang le tsona kapa ua kopana le tsona litšobotsing tse ling tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi. E ka ’na eaba u li bone seterateng li fa batho ba fetang ka tsela limakasine tsa tsona. Kapa e ka ’na eaba u kile ua buisana le tsona hakhutšoaane lapeng la hao.
Ha e le hantle, Lipaki tsa Jehova lia u thahasella ebile li thahasella boiketlo ba hao. Li batla ho ba metsoalle ea hao le ho u bolella haholoanyane ka tsona, litumelo tsa tsona, mokhatlo oa tsona o hlophisitsoeng le kamoo li ikutloang kateng ka batho le lefatše leo bohle re phelang ho lona. E le hore li finyelle sena, li lokiselitse bukana ena bakeng sa hao.
Lipaki tsa Jehova li tšoana le batho ba bang bohle lintlheng tse ngata. Li na le mathata a tloaelehileng—a moruo, a ’mele le a maikutlo. Ka linako tse ling li etsa liphoso, kaha ha lia phethahala, ha lia bululeloa, ebile hase batho ba sa foseng. Empa li leka ho ithuta ka liphihlelo tsa tsona ’me li ikitlaelletsa ho ithuta Bibele e le hore li lokise moo ho hlokahalang. Li inehetse ho Molimo bakeng sa ho etsa thato ea hae, ’me li ikitlaelletsa ho phethahatsa boinehelo bona. Mesebetsing eohle ea tsona li batla tataiso ea Lentsoe la Molimo le moea oa hae o halalelang.
Li ho nka e hlile e le habohlokoa hore litumelo tsa tsona e be tse thehiloeng Bibeleng ho fapana le ho thehoa likhopolo-tabeng tsa batho kapa lithutong tsa motheo tsa bolumeli. Li na le boikutlo bo kang ba moapostola Pauluse ha a ne a itlhalosa a le tlas’a pululelo: “Molimo a ke a fumanoe a e-na le ’nete, le hoja motho e mong le e mong a fumanoa a le leshano.” (Baroma 3:4, Phetolelo ea Lefatše le Lechaa) Ha ho tluoa lithutong tse hlahisoang e le ’nete ea Bibele, Lipaki li tšehetsa ka matla tsela e ileng ea lateloa ke Baberea ha ba ne ba utloa moapostola Pauluse a bolela: “Ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.” (Liketso 17:11) Lipaki tsa Jehova li lumela hore lithuto tsohle tsa bolumeli li lokela ho lekoa ka tsela ena ho bona hore na li lumellana le Mangolo a bululetsoeng kapa che, ebang thuto eo e rutoa ke tsona kapa ke motho e mong. Lia u mema—lia u phehella—hore u etse sena ha u buisana le tsona.
Sena se totobatsa hore Lipaki tsa Jehova li lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Li nka libuka tsa eona tse 66 e le tse bululetsoeng le tse nepahetseng ho ea ka histori. Seo ka tloaelo se tsejoang e le Testamente e Ncha, tsona li se bitsa Mangolo a Segerike a Bakreste, ’me Testamente ea Khale li e bitsa Mangolo a Seheberu. Li itšetleha ka likarolo tsena ka bobeli, e leng Mangolo a Segerike le a Seheberu, ’me li a nka a le joalokaha a le joalo ntle ho moo lipolelo kapa maemo li bontšang ka ho hlaka hore li tšoantšetsa ho itseng. Li utloisisa hore boprofeta bo bongata ba Bibele bo se bo phethahetse, hore bo bong ke hona bo ntseng bo phethahala le hore bo bong ke hona bo tlang ho phethahala.
LEBITSO LA TSONA
Lipaki tsa Jehova? E, ke kamoo li ipitsang kateng. Ke lebitso le hlalosang, le bontšang hore li paka ka Jehova, Bomolimo ba hae le merero ea hae. “Molimo,” “Morena” le “’Mōpi”—joaloka “Mopresidente,” “Morena” le “Molaoli”—ke litlotla ’me li ka sebelisoa ho batho ba bangata ba sa tšoaneng. Empa “Jehova” ke lebitso la botho ’me le mo khetholla e le Molimo ea matla ’ohle le ’Mōpi oa bokahohle. Sena se bontšoa ke Pesaleme ea 83:18, ho ea ka phetolelo ea Bibele ea King James: “E le hore batho ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao u ’notši e leng JEHOVA, u ea phahameng ka ho fetisisa holim’a lefatše lohle.”
Lebitso Jehova (kapa Yahweh, joalokaha Jerusalem Bible ea Roma e K’hatholike le litsebi tse ling li khetha ho sebelisa lona) le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 Mangolong a pele a Seheberu. Libibele tse ngata ha li le hlahise le le joalo, empa li le nkela sebaka ka “Molimo” kapa “Morena.” Leha ho le joalo, esita le Libibeleng tsena hangata motho o ntse a ka bolela moo taba ea pele e ngotsoeng ea Seheberu e sebelisang Jehova teng hobane libakeng tseo, mantsoe ana a le nketseng sebaka a ngotsoe ka litlhaku tse khōlō le tse mahareng, a ngotsoe e le: MOLIMO, MORENA. Liphetolelo tse ngata tsa kajeno li sebelisa lebitso Jehova kapa Yahweh. Ka hona, ho Esaia 42:8, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e baleha tjena, “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.”
Tlaleho ea Mangolo eo Lipaki tsa Jehova li e sebelisang e le motheo oa lebitso la tsona e hlaha khaolong ea 43 ea Esaia. Mono boemo ba lefatše bo tšoantšoa le se etsahalang ka lekhotleng: Melimo ea lichaba e mengoa hore e hlahise lipaki tsa eona ho paka boipolelo ba eona ba hore e lokile kapa hore e mamele lipaki tse ka lehlakoreng la Jehova le hore e lumele seo e leng ’nete. Mono Jehova o bolella batho ba hae: “Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, hore le tle le tsebisise, ’me le ntumele, ’me le ikutloele hobane ke ’na. Ha ho Molimo o bileng teng pele ho ’na, ’me o mong o ke ke oa e-ba teng ka morao ho ’na. Ke ’na, ke ’na Jehova; ha ho ’moloki e mong, ha e se ’na.”—Esaia 43:10, 11, Bibele e tloaelehileng ea Sesotho.
Jehova Molimo o ne a e-na le lipaki lefatšeng lilemo tse likete pele Jesu a tsoaloa. Ka mor’a hore Baheberu khaolo ea 11 e thathamise ba bang ba banna bao ba tumelo, Baheberu 12:1 e re: “Kahoo, joale, kahobane re e-na le leru le leholo hakaalo la lipaki le re pota-potileng, le rōna a re hloboleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tšoasang habonolo, ’me a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.” Jesu o ile a re ka pel’a Ponse Pilato: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” O bitsoa “paki e tšepahalang le ea ’nete.” (Johanne 18:37; Tšenolo 3:14) Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Liketso 1:8.
Ka lebaka leo, batho ba ka bang 6 000 000 kajeno ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova ka Kreste Jesu linaheng tse fetang 230 ba ikutloa hore ke ka nepo ba ipitsang Lipaki tsa Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mangolo a Bibele a qotsitsoeng bukaneng ena a nkiloe phetolelong ena, ntle leha ho bontšitsoe ka hosele.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Li inehetse ho Molimo ho etsa thato ea hae
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Li lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Lebitso joalokaha le amahanngoa le se etsahalang ka lekhotleng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Lipaki tse ka bang 6 000 000 linaheng tse fetang 230
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Lia u thahasella
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Lebitso la Molimo ka Seheberu sa boholo-holo