8 Batho ba khathatsehile.+ Ba tšoeroe ke ho tsitsipana le bohloko ba pelehi; ba na le bohloko ba pelehi ho tšoana le mosali ea belehang.+ Ba shebana ka ho makala. Lifahleho tsa bona ke lifahleho tse fubileng.+
3 Ke ka lebaka leo letheka la ka le tletseng bohloko bo boholo.+ Ke tšoeroe ke ho tsitsipana, joaloka ho tsitsipana ha mosali ea belehang.+ Ke ferekane hoo ke sa utloeng; ke tšoenyehile hoo ke sa boneng.
22 Bonang! Feela joaloka ntsu e mong o tla nyoloha ’me a tsubelle,+ o tla phukalatsa mapheo holim ’a Bozra;+ ’me letsatsing leo lipelo tsa banna ba matla ba Edomo li tla tšoana le pelo ea mosali ea nang le bohloko ba pelehi.”+
9 “Joale ke hobane’ng ha u ntse u hooa ka lentsoe le phahameng?+ Na ha ho na morena ho uena, kapa moeletsi oa hao o timetse, hoo u tšoeroeng ke bohloko bo hlabang bo kang ba mosali ea belehang?+
3 Neng kapa neng ha ba+ re: “Khotso+ le tšireletseho!” joale timetso ea tšohanyetso+ e tla ba holim ’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana;+ ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.+