33 “‘Le se ke la silafatsa naha eo le leng ho eona; hobane mali a silafatsa naha,+ ’me bakeng sa naha ho ke ke ha e-ba le ho koaheloa ha libe mabapi le mali a tšolotsoeng holim ’a eona ntle le ka mali a ea a tšollang.+
23 setopo sa hae ha sea lokela ho hlola bosiu bohle thupeng;+ empa ruri u mo pate letsatsing lona leo, hobane ea fanyehiloeng ke ntho e rohakiloeng ke Molimo;+ u se ke ua silafatsa naha ea heno, eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa.+
18 Pele ho tsohle, ke tla buseletsa liphoso tsa bona+ le libe tsa bona ka ho feletseng, ka lebaka la ho silafatsa ha bona naha ea ka.+ Ba ne ba tlatsitse lefa la ka ka litopo tsa lintho tsa bona tse nyonyehang le ka lintho tsa bona tse manyala.’”+
17 “Mor’a motho, ba ntlo ea Iseraele ba ne ba lula naheng ea bona, ’me ba ’na ba e silafatsa ka litsela tsa bona le ka mesebetsi ea bona.+ Tsela ea bona e joaloka ho se hloeke ha ho ilela khoeli ka pel’a ka.+