Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 18:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Ka lebaka leo naha ha ea hloeka, ’me ke tla e tlisetsa kotlo bakeng sa phoso ea eona, ’me naha e tla hlatsa baahi ba eona.+

  • Pesaleme 106:38
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 38 Kahoo ba ’na ba tšolla mali a hlokang molato,+

      Mali a bara ba bona le barali ba bona,

      Bao ba ileng ba ba hlabela litšoantšo tse rapeloang tsa Kanana;+

      Naha ea silafala ke tšollo ea mali.+

  • Esaia 24:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Naha e silafetse tlas’a baahi ba eona,+ kaha ba hlokomolohile melao,+ ba fetotse molao oa tsamaiso,+ ba tlōtse selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+

  • Jeremia 2:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “Qetellong ka le tlisa naheng ea serapa sa lifate tsa litholoana, hore le je litholoana tsa eona le lintho tsa eona tse ntle.+ Empa la kena ’me la silafatsa naha ea ka; la etsa lefa la ka ntho e manyala.+

  • Jeremia 3:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ho na le polelo e reng: “Haeba monna a ka re mosali oa hae a tsamaee ’me a tloha ho eena ’me ea e-ba oa monna e mong, na monna eo o lokela ho khutlela ho eena hape?”+

      Na ka sebele naha eo ha ea silafatsoa?+

      “U entse botekatse le metsoalle e mengata;+ ’me na u lokela ho khutlela ho ’na?”+ ho bolela Jehova.

  • Jeremia 16:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Pele ho tsohle, ke tla buseletsa liphoso tsa bona+ le libe tsa bona ka ho feletseng, ka lebaka la ho silafatsa ha bona naha ea ka.+ Ba ne ba tlatsitse lefa la ka ka litopo tsa lintho tsa bona tse nyonyehang le ka lintho tsa bona tse manyala.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela