Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “Jehova o tla u romela thohako,+ pherekano+ le khalemelo e matla+ mosebetsing o mong le o mong oa hao oo u lekang ho o phetha, ho fihlela u felisitsoe ’me u timetse ka potlako, ka lebaka la bobe ba liketso tsa hao kahobane u mphuraletse.+

  • 2 Likronike 36:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Empa ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho+ ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe+ a hae le ho soma+ baprofeta ba hae, ho fihlela khalefo+ ea Jehova e tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.+

  • Jeremia 6:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ke tletse khalefo ea Jehova. Ke khathetse ke ho e tiisetsa.”+

      “E tšollele holim ’a ngoana seterateng+ le holim ’a sehlopha sa metsoalle e haufi-ufi sa bahlankana ka nako e tšoanang; etsoe le bona ba tla tšoasoa, monna hammoho le mosali oa hae, monna-moholo hammoho le ea atetsoeng ke matsatsi.+

  • Jeremia 9:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ke tla etsa hore Jerusalema e be liqubu tsa majoe,+ selao sa liphokojoe;+ ’me metse ea Juda ke tla e etsa lesupi, e hloke baahi.+

  • Ezekiele 22:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Kahoo ke tla tšollela nyatso+ ea ka holim ’a bona. Ke tla ba felisa ka mollo oa khalefo ea ka.+ Ke tla tlisa tsela ea bona lihloohong tsa bona,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”

  • Daniele 9:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 A phetha mantsoe a hae ao a neng a a buile khahlanong le rōna+ le khahlanong le baahloli ba rōna ba ileng ba re ahlola,+ ka ho re tlisetsa tlokotsi e khōlō, eo e kang eona e e-s’o ka e etsoa tlas’a maholimo ’ohle joaloka e entsoeng Jerusalema.+

  • Zakaria 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Leha ho le joalo, mabapi le mantsoe a ka le melao ea ka ea tsamaiso eo ke e laetseng bahlanka ba ka, baprofeta,+ na ha aa fella ka bobe ho bo-ntat’a lōna?’+ Kahoo ba ile ba khutla ’me ba re: ‘Ho ea ka seo Jehova oa mabotho a neng a hopotse ho se etsa ho rōna,+ ho ea ka litsela tsa rōna le ho ea ka mesebetsi ea rōna, ke kamoo a re entseng kateng.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela