Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 5:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Baprofeta ba profeta leshano;+ ha e le baprista, ba qala ho busa ho ea ka matla a bona.+ Sechaba sa ka se ratile ha ho le joalo;+ ’me le tla etsa joang qetellong ea hona?”+

  • Jeremia 6:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 “Etsoe ho tloha ho e monyenyane ho bona esita le ho isa ho e moholo ho bona, e mong le e mong o iketsetsa phaello ea ho hloka toka;+ ’me ho tloha ho moprofeta esita le ho isa ho moprista, e mong le e mong o etsa ka bolotsana.+

  • Jeremia 14:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona.+ Ba bua le lōna ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata le bonohe le ntho ea lefeela+ le ho qhekella ha lipelo tsa bona.+

  • Jeremia 23:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 “Etsoe moprofeta le moprista ba silafetse.+ Hape ke fumane bobe ba bona ka tlung ea ka,”+ ho bolela Jehova.

  • Lillo Tsa Jeremia 2:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Baprofeta ba hao ba u bonetse lintho tse se nang thuso le tse sa khotsofatseng,+

      ’Me ha baa senola phoso ea hao e le hore ba khutlise kholeho ea hao,+

      Empa ba ’nile ba u bonela liphatlalatso tse se nang thuso le tse khelosang.+

  • Mikea 3:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ba ka sehloohong ba hae ba ahlola feela bakeng sa tjotjo,+ le baprista ba hae ba rupela feela bakeng sa tefo,+ ’me baprofeta ba hae ba sebelisa bonohe bakeng sa chelete feela;+ empa leha ho le joalo ba ntse ba itšetleha ka Jehova, ba re: “Na Jehova ha a har’a rōna?+ Re ke ke ra oeloa ke tlokotsi.”+

  • Sofonia 3:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Baprofeta ba hae e ne e le ba nyelisang, e ne e le banna ba bolotsana.+ Baprista ba hae ba ile ba silafatsa se neng se halalela; ba senya molao.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela