Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 137:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Jehova, mabapi le bara ba Edomo,+ u hopole+ letsatsi la Jerusalema,+

      Ba neng ba re: “E pepeseng! E pepeseng ho fihlela motheong o ka har’a eona!”+

  • Esaia 34:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 “Etsoe ka sebele sabole+ ea ka e tla kolobisoa maholimong. Bonang! E tla theohela Edomo,+ le ho batho bao ke ba nehetseng timetso+ ka toka.

  • Ezekiele 25:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ke tla boela ke otlolle letsoho khahlanong le Edomo+ ke felise ho eona motho le liphoofolo tse ruuoang,+ ke tla e etsa sebaka se ripitliloeng ho tloha Temane,+ le ho ea Dedane.+ Ba tla oa ka sabole.

  • Ezekiele 35:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Joalokaha u ile ua thabela lefa la ntlo ea Iseraele kahobane e entsoe lesupi, ke tla u etsa ntho e tšoanang.+ U tla fetoha lesupi, Uena sebaka se lithaba sa Seire, esita le Edomo eohle, kaofela ha eona;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”+

  • Amose 1:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Edomo+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho lelekisa mor’abo ka sabole,+ le hobane o sentse litšobotsi tsa hae tsa mohau,+ ’me bohale ba hae bo ntse bo rusolla ka ho sa feleng; le khalefo ea hae—o e bolokile ka ho sa feleng.+

  • Obadia 13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ha ua tšoanela ho kena hekeng ea batho ba ka letsatsing la koluoa ea bona.+ Ha ua tšoanela ho talima tlokotsi ea hae letsatsing la koluoa ea hae; ’me ha ua tšoanela ho otlollela letsoho leruong la hae letsatsing la koluoa ea hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela