15 Empa haeba le sa mamele lentsoe la Jehova+ ’me le fetohela taelo ea Jehova,+ ka sebele letsoho la Jehova le tla ba khahlanong le lōna le bo-ntat’a lōna.+
23 etsoe borabele+ bo tšoana le sebe sa bonohe,+ ’me ho iketelletsa pele ka ho inkela molao matsohong ho tšoana le ho sebelisa matla a boselamose le terafime.+ Kaha u lahlile lentsoe la Jehova,+ ka lebaka leo oa u lahla hore u se ke ua ba morena.”+
8 “‘Joale haufinyane ke tla tšollela bohale ba ka holim ’a hao,+ ’me ke tla phetha bohale ba ka khahlanong le uena,+ ke tla u ahlola ho ea ka litsela tsa hao+ ke be ke tlise lintho tsohle tsa hao tse manyala holim ’a hao.