Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 7:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ka sebele Baegepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke otlolla letsoho la ka khahlanong le Egepeta,+ ’me ruri ke tla ntša bara ba Iseraele har’a bona.”+

  • Pesaleme 9:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Jehova o tsejoa ka kahlolo eo a e phethisitseng.+

      Ea khopo o tšoasitsoe ke mosebetsi oa matsoho a hae.+

      Higaione. Selah.

  • Ezekiele 29:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ke tla etsa hore naha ea Egepeta e be lesupi har’a linaha tse entsoeng lesupi;+ metse ea eona e tla fetoha lesupi har’a metse e ripitliloeng ka lilemo tse mashome a mane;+ ke tla hasanya Baegepeta har’a lichaba ke ba qhalakanye har’a linaha.”+

  • Ezekiele 29:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang, ke nehelana ka naha ea Egepeta ho Nebukadrezare morena oa Babylona,+ ’me o tla nka leruo la eona a hape thepa e ngata ea eona+ le ho e tlatlapa haholo; ’me e tla ba moputso bakeng sa lebotho la hae la sesole.’

  • Ezekiele 29:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “‘Ke mo file naha ea Egepeta e le puseletso ea hae bakeng sa tšebeletso eo a e entseng khahlanong le eona, hobane ba nkile bohato bakeng sa ka,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela