Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 49:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Balehang!+ Ineheleng! Tebelang tlaase e le hore le lule,+ Lōna baahi ba Dedane!+ Etsoe ke tla e tlisetsa koluoa ea Esau, nakong eo ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho eona.+

  • Lillo Tsa Jeremia 4:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Phoso ea hao, Uena morali oa Sione, e felile.+ A ke ke a hlola a u isa kholehong.+

      O lebisitse tlhokomelo phosong ea hao, Uena morali oa Edomo. O senotse libe tsa hao.+

  • Ezekiele 36:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka sebele ke tla bua ka mollo oa cheseho ea ka+ khahlanong le ba setseng ba lichaba le khahlanong le Edomo, kaofela ha eona,+ ba iphileng naha ea ka e le lefa ka ho thaba ha pelo eohle,+ ka nyeliso moeeng,+ ka lebaka la lekhulo la eona le bakeng sa ho e tlatlapa.’”’+

  • Amose 1:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Edomo+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho lelekisa mor’abo ka sabole,+ le hobane o sentse litšobotsi tsa hae tsa mohau,+ ’me bohale ba hae bo ntse bo rusolla ka ho sa feleng; le khalefo ea hae—o e bolokile ka ho sa feleng.+

  • Obadia 1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 1 Pono ea Obadia:

      Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng mabapi le Edomo:+ “Ho na le tlaleho eo re e utloileng ho Jehova, ’me ho na le moromuoa ea rometsoeng har’a lichaba, ‘Emang, ’me re mo tsoheleng matla ntoeng.’”+

  • Obadia 10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ka lebaka la pefo ho mor’eno Jakobo,+ lihlong li tla u koahela,+ ’me u tla lokela ho felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela