Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 14:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Jehova oa mabotho o hlapantse,+ a re: “Ka sebele feela joalokaha ke rerile, ho tla etsahala; ’me feela joalokaha ke rerile, ke sona se tla phethahala,+

  • Esaia 55:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo.+ Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana,+ empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang,+ ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Jehova o entse seo a neng a se hopotse.+ O phethahalitse polelo ea hae,+

      Seo a neng a se laetse ho tloha matsatsing a khale.+ O qhaqhile ’me ha aa bontša qenehelo.+

      O etsa hore sera se thabe ka lebaka la hao.+ O phahamisitse lenaka la bahanyetsi ba hao.+

  • Daniele 9:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 A phetha mantsoe a hae ao a neng a a buile khahlanong le rōna+ le khahlanong le baahloli ba rōna ba ileng ba re ahlola,+ ka ho re tlisetsa tlokotsi e khōlō, eo e kang eona e e-s’o ka e etsoa tlas’a maholimo ’ohle joaloka e entsoeng Jerusalema.+

  • Zakaria 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Leha ho le joalo, mabapi le mantsoe a ka le melao ea ka ea tsamaiso eo ke e laetseng bahlanka ba ka, baprofeta,+ na ha aa fella ka bobe ho bo-ntat’a lōna?’+ Kahoo ba ile ba khutla ’me ba re: ‘Ho ea ka seo Jehova oa mabotho a neng a hopotse ho se etsa ho rōna,+ ho ea ka litsela tsa rōna le ho ea ka mesebetsi ea rōna, ke kamoo a re entseng kateng.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela