Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 17:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 ba tsoela pele ho lahla melao ea hae ea tsamaiso le selekane+ sa hae seo a neng a se hlabile le baholo-holo ba bona le likhopotso+ tsa hae tseo a neng a ba lemositse ka tsona, ’me ba qala ho latela litšoantšo tse rapeloang+ tsa lefeela ’me ba fetoha ba se nang thuso,+ esita le ka ho etsisa lichaba tse neng li ba pota-potile ka hohle, tseo malebana le tsona Jehova a neng a ba laetse hore ba se ke ba etsa joaloka tsona;+

  • Esaia 24:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Naha e silafetse tlas’a baahi ba eona,+ kaha ba hlokomolohile melao,+ ba fetotse molao oa tsamaiso,+ ba tlōtse selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+

  • Hosea 8:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “Molomong oa hao—lenaka!+ E mong o tla joaloka ntsu+ khahlanong le ntlo ea Jehova, ka lebaka la hore ba tlōtse selekane sa ka,+ ’me ba tlōtse molao oa ka.+

  • Baheberu 8:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 eseng ho ea ka selekane+ seo ke ileng ka se hlaba le baholo-holo ba bona letsatsing la ha ke ba tšoara ka matsoho ho ba ntša naheng ea Egepeta,+ hobane ha baa ka ba lula selekaneng+ sa ka, hoo ke ileng ka khaotsa ho ba hlokomela,’ ho bolela Jehova.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela