6 Matsatsing a hae Juda e tla bolokoa,+ le Iseraele e tla lula e sireletsehile.+ Lena ke lebitso la hae leo a tla bitsoa ka lona, Jehova ke ho Loka ha Rōna.”+
25 “‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ha ke bokella ba ntlo ea Iseraele ho tsoa lichabeng tseo ba hasantsoeng ho tsona,+ ke tla boela ke halaletsoe har’a bona mahlong a lichaba.+ Ka sebele ba tla lula naheng ea bona+ eo ke e fileng mohlanka oa ka, Jakobo.+
21 “Bua le bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang! ke nka bara ba Iseraele ho tsoa har’a lichaba tseo ba ileng ho tsona, ’me ke tla ba bokella ho tsoa libakeng tse ba pota-potileng le ho ba tlisa naheng ea bona.+
14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+