3 Jehova Molimo oa hao o tla boela a khutlise baholehuoa+ ba hao ’me a u bontše mohau+ a boele a u phuthe lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa hao a u hasanyelitseng ho tsona.+
12 Ka sebele o tla hlahisetsa lichaba pontšo ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele;+ ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa lipheletsong tse ’nè tsa lefatše.+
15 empa ho tla thoe: “Ka Jehova ea phelang ea ntšitseng bara ba Iseraele naheng e ka leboea le linaheng tsohle tseo a neng a ba qhalakanyelitse ho tsona!” ’me ka sebele ke tla ba khutlisetsa naheng ea bona, eo ke e fileng baholo-holo ba bona.’+
3 “Ke tla bokella masala a linku tsa ka linaheng tsohle tseo ke li qhalakanyelitseng ho tsona,+ ’me ke tla li khutlisetsa lekhulong la tsona,+ ’me ka sebele li tla ata li ngatafale.+
14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+