Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jobo 34:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Etsoe o tla putsa+ motho oa lefatše ho ea ka tsela eo a sebetsang ka eona,

      O tla etsa hore motho a etsahalloe ke ho hong ho ea ka tsela ea hae.

  • Jeremia 9:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla ahlola litaba tsa e mong le e mong ea bolotseng empa a sa ntse a le boemong ba ho se bolle,+

  • Ezekiele 9:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Le lokela ho bolaea monna-moholo, mohlankana le moroetsana le ngoana e monyenyane le basali+—le ba felise. Empa le se ke la atamela ho motho leha e le ofe ea nang le letšoao,+ ’me le lokela ho qala ka sehalalelo sa ka.”+ Kahoo ba qala ka banna-baholo ba neng ba le ka pel’a ntlo.+

  • Daniele 9:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 A phetha mantsoe a hae ao a neng a a buile khahlanong le rōna+ le khahlanong le baahloli ba rōna ba ileng ba re ahlola,+ ka ho re tlisetsa tlokotsi e khōlō, eo e kang eona e e-s’o ka e etsoa tlas’a maholimo ’ohle joaloka e entsoeng Jerusalema.+

  • Hosea 12:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “Jehova o na le nyeoe le Juda,+ esita le ho ahlola litaba khahlanong le Jakobo ho ea ka litsela tsa hae;+ o tla mo buseletsa ho ea ka mesebetsi ea hae.+

  • Amose 4:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “Ka hona sena ke seo ke tla se etsa ho uena, Iseraele. Ka lebaka la hore ke tla etsa ntho ena ho uena, u itokisetse ho kopana le Molimo oa hao,+ Uena Iseraele.

  • Baroma 2:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 matšoenyeho le mahlomola, holim ’a moea oa motho e mong le e mong ea etsang se sebe, oa Mojuda+ pele le oa Mogerike;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela