11 Letsatsing leo Jehova o tla boela a fane ka letsoho la hae, ka lekhetlo la bobeli,+ bakeng sa ho fumana masala a batho ba hae ba setseng Assyria+ le Egepeta+ le Pathrose+ le Kushe+ le Elame+ le Shinare+ le Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+
12 Letsatsing leo Jehova o tla hlohlora litholoana,+ ho tloha molapong o phallang oa Nōka+ ho ea phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta,+ ’me le tla nkoa ka ho latellana,+ Lōna bara ba Iseraele.
25 “‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ha ke bokella ba ntlo ea Iseraele ho tsoa lichabeng tseo ba hasantsoeng ho tsona,+ ke tla boela ke halaletsoe har’a bona mahlong a lichaba.+ Ka sebele ba tla lula naheng ea bona+ eo ke e fileng mohlanka oa ka, Jakobo.+
14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+
7 Ka sebele ke tla etsa ea neng a hlotsa masala,+ le ea neng a suthiselitsoe hōle ke mo etse sechaba se matla;+ ’me Jehova o tla busa e le morena oa bona Thabeng ea Sione, ho tloha joale le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+