113 Rorisang Jah!+
Fanang ka thoriso, Lōna bahlanka ba Jehova,+
Le rorise lebitso la Jehova.+
2 E se eka lebitso la Jehova le ka bokoa+
Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
3 Ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela+
Lebitso la Jehova le lokela ho rorisoa.+
4 Jehova o phahame ka holim’a lichaba tsohle;+
Khanya ea hae e ka holim’a maholimo.+
5 Ke mang ea tšoanang le Jehova Molimo oa rōna,+
Ea lulang sebakeng se phahameng?+
6 O itheola boemong hore a talime leholimong le lefatšeng,+
7 O phahamisa ea tlaase lerōleng;+
O phahamisa ea futsanehileng sekoting sa molora,+
8 Ho mo lulisa le bahlomphehi,+
Le bahlomphehi ba sechaba sa hae.+
9 O etsa hore nyopa e lule ka tlung+
E le ’mè ea thabileng oa bara.+
Rorisang Jah!+
114 Ha Baiseraele ba tsoa Egepeta,+
Ntlo ea Jakobo e tsoa ho batho ba buang ka mokhoa o sa utloisiseheng,+
2 Juda e ile ea e-ba sebaka sa hae se halalelang,+
Iseraele ea e-ba sebaka sa hae se seholo se pusong ea hae.+
3 Leoatle la bona ’me la baleha;+
Ha e le Jordane, ea qala ho khutlela morao.+
4 Lithaba tsa tlōla-tlōla joaloka lipheleu,+
Maralla a tlōla-tlōla joaloka likonyana.
5 Molato e ne e le eng ka uena, leoatle, hore ebe u ile ua baleha,+
Uena Jordane, hore ebe u ile ua qala ho khutlela morao?+
6 Lōna lithaba, hore ebe le ile la qala ho tlōla-tlōla joaloka lipheleu;+
Lōna maralla, la tlōla-tlōla joaloka likonyana?+
7 Utloa bohloko bo boholo ka lebaka la Morena, Uena lefatše,+
Ka lebaka la Molimo oa Jakobo,
8 Ea fetolang lefika hore e be letamo la metsi le nang le lehlaka,+
Ea fetolang lefika le thata hore e be seliba sa metsi.+
115 Ha ho letho leo e leng la rōna, Jehova, ha ho letho leo e leng la rōna,+
Empa u tlotlise lebitso la hao+
Ho ea ka mosa oa hao o lerato, ho ea ka ’nete ea hao.+
2 Ke hobane’ng ha lichaba li lokela ho re:+
“Joale, Molimo oa bona o hokae?”+
3 Empa Molimo oa rōna o maholimong;+
O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ileng a thabela ho e etsa.+
4 Litšoantšo tsa bona tse rapeloang ke silevera le khauta,+
Mosebetsi oa matsoho a motho oa lefatše.+
5 Li na le melomo, empa ha li bue;+
Li na le mahlo, empa ha li bone;+
6 Li na le litsebe, empa ha li utloe.+
Li na le linko, empa ha li fofonele.+
7 Li na le matsoho, empa ha li ame.+
Li na le maoto, empa ha li tsamaee;+
Ha li ntše molumo ka ’metso ea tsona.+
8 Ba li etsang ba tla ba feela joaloka tsona,+
Bohle ba li tšepileng.+
9 Lōna Baiseraele, le tšepe Jehova;+
Ke thuso ea bona le thebe ea bona.+
10 Lōna ba ntlo ea Arone, le tšepe Jehova;+
Ke thuso ea bona le thebe ea bona.+
11 Lōna ba tšabang Jehova, le tšepe Jehova;+
Ke thuso ea bona le thebe ea bona.+
12 Jehova o re hopotse; o tla hlohonolofatsa,+
O tla hlohonolofatsa ntlo ea Iseraele,+
O tla hlohonolofatsa ntlo ea Arone.+
13 O tla hlohonolofatsa ba tšabang Jehova,+
Ba banyenyane hammoho le ba baholo.+
14 Jehova o tla le ekeletsa,+
Lōna le bara ba lōna.+
15 Ke lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Jehova,+
Moetsi oa leholimo le lefatše.+
16 Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova,+
Empa lefatše o le file bara ba batho.+
17 Ba shoeleng ba ke ke ba rorisa Jah,+
Leha e le bafe ba theohelang moo ho khutsitseng.+
18 Empa re tla boka Jah+
Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
Rorisang Jah!+
116 Kea rata, hobane Jehova o utloa+
Lentsoe la ka, likōpo tsa ka tse tiileng.+
2 Etsoe o ntšekehetse tsebe,+
Ke tla hooa ka matsatsi ’ohle a ka.+
3 Liropo tsa lefu li ile tsa mpota-pota+
Maemo a bakang mahlomola a Sheole a mphumana.+
Ka ’na ka fumana mahlomola le mesarelo.+
4 Empa ka ipiletsa lebitsong la Jehova:+
“Oho! Jehova, u pholose moea oa ka!”+
5 Jehova o mosa ’me o lokile;+
Molimo oa rōna ke Ea bontšang mohau.+
6 Jehova o lebela ba se nang phihlelo.+
Ke ne ke futsanehile, eaba oa mpholosa.+
7 Khutlela sebakeng sa hao sa phomolo, Uena moea oa ka,+
Etsoe Jehova o u entse ka mokhoa o loketseng.+
8 Etsoe u pholositse moea oa ka lefung,+
Leihlo la ka meokhong, leoto la ka ho khoptjoeng.+
9 Ke tla tsamaea+ ka pel’a Jehova linaheng tsa ba phelang.+
10 Ke ne ke e-na le tumelo,+ etsoe ke buile.+
Ke ne ke hlorile haholo.
11 Ke ile ka re, ha ke tšohile:+
“Motho e mong le e mong o leshano.”+
12 Ke tla buseletsa eng ho Jehova+
Bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?+
13 Ke tla nka senoelo sa poloko e khōlō,+
Ke tla ipiletsa lebitsong la Jehova.+
14 Ke tla phetha boitlamo ba ka ho Jehova,+
E, ka pel’a batho bohle ba hae.
15 Lefu la ba tšepahalang ba hae+
Ke la bohlokoa mahlong a Jehova.
16 Oho! Jehova,+
Etsoe ’na ke mohlanka oa hao.+
Ke mohlanka oa hao, mora oa lekhabunyane la hao.+
U lokolotse marapo a ka.+
17 Ke tla nyehela sehlabelo sa liteboho ho uena,+
Ke tla ipiletsa lebitsong la Jehova.+
18 Ke tla phetha boitlamo ba ka ho Jehova,+
E, ka pel’a batho bohle ba hae,+
19 Mabaleng a ntlo ea Jehova,+
Ka hare ho uena, Jerusalema.+
Rorisang Jah!+
117 Rorisang Jehova, lōna lichaba tsohle;+
Mo babatseng, lōna meloko eohle.+
2 Etsoe mosa oa hae o lerato o bile moholo ho rōna;+
’Nete+ ea Jehova e teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
Rorisang Jah!+
118 Lebohang Jehova, kaha o molemo;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
2 Joale Baiseraele ba ke ba re:
“Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
3 Joale ba ntlo ea Arone ba ke ba re:+
“Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
4 Joale ba tšabang Jehova ba ke ba re:+
“Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+
5 Ke ipilelitse ho Jah maemong a bakang mahlomola;+
Jah o ile a araba ’me a nkenya sebakeng se seholo.+
6 Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšoha.+
Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?+
7 Jehova o ka lehlakoreng la ka har’a ba nthusang,+
Hoo ’na ke tlang ho talima ba ntlhoileng.+
8 Ho tšabela ho Jehova ho molemo+
Ho feta ho tšepa motho oa lefatše.+
9 Ho tšabela ho Jehova ho molemo+
Ho feta ho tšepa bahlomphehi.+
10 Lichaba tsohle tsa mpota-pota.+
Ka ’na ka li boloka li le hōle ka lebitso la Jehova.+
11 Tsa mpota-pota, e, tsa etsa hore ke pota-potoe.+
Ka ’na ka li boloka li le hōle ka lebitso la Jehova.
12 Tsa mpota-pota joaloka linotši;+
Tsa felisoa joaloka mollo oa lihlahla tse meutloa.+
Ka ’na ka li boloka li le hōle ka lebitso la Jehova.+
13 U ile ua ntšutumetsa ka matla e le hore nka oa,+
Empa Jehova a nthusa.+
14 Jah ke tšireletso ea ka le matla a ka,+
O fetoha poloko ho ’na.+
15 Lentsoe la mohoo oa thabo le poloko+
Le ka litenteng+ tsa ba lokileng.+
Letsoho le letona la Jehova le bonahatsa mafolofolo.+
16 Letsoho le letona la Jehova lea iphahamisa;+
Letsoho le letona la Jehova le bonahatsa mafolofolo.+
17 Nke ke ka shoa, empa ke tla ’ne ke phele,+
E le hore nka bolela mesebetsi ea Jah.+
18 Jah o ile a nkhalemela ka matla,+
Empa ha aa ka a nehelana ka ’na lefung.+
19 Mpuleleng liheke tsa ho loka.+
Ke tla kena ka tsona; ke tla roka Jah.+
20 Ena ke heke ea Jehova.+
Ba lokileng ba tla kena ka eona.+
21 Ke tla u roka, etsoe u ile ua nkaraba+
Ua ba poloko ea ka.+
22 Lejoe leo lihahi li ileng tsa le lahla+
Le fetohile hlooho ea sekhutlo.+
23 Le bile teng le tsoa ho Jehova;+
Ke le hlollang mahlong a rōna.+
24 Lena ke letsatsi leo Jehova a le entseng;+
Re tla thaba ’me re le nyakallele.+
25 Oho! Jehova, ka kōpo, u pholose!+
Oho! Jehova, ka kōpo, u fane ka katleho!+
26 Ho hlohonolofatsoe Ea tlang ka lebitso la Jehova;+
Re le bokile lōna ba tsoang ntlong ea Jehova.+
27 Jehova ke Ea Nang le Bomolimo,+
O re fa leseli.+
Khabisang mokoloko oa mokete+ ka makala,+
Ho ea fihla manakeng a aletare.+
28 Uena u oa ka Ea Nang le Bomolimo, ’me ke tla u roka;+
Molimo oa ka—ke tla u phahamisa.+
29 Lebohang Jehova, etsoe o molemo;+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+