31 Hape, a qala ho ba ruta hore Mor’a motho o tla feta litlhokofatsong tse ngata le ho lahloa ke banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangoli le ho bolaoa,+ ’me a tsohe matsatsi a mararo hamorao.+
31 Etsoe o ne a ruta barutuoa ba hae ’me a ba bolella: “Mor’a motho ho tla nehelanoa ka eena matsohong a batho, ’me ba tla mo bolaea,+ empa, ho sa tsotellehe ho bolaoa, o tla tsoha matsatsi a mararo hamorao.”+
22 empa a re: “Mor’a motho o tla feta litlhokofatsong tse ngata le ho lahloa ke banna ba baholo le baprista ba ka sehloohong le bangoli, le ho bolaoa,+ ’me a tsosoe ka letsatsi la boraro.”+
31 Joale a nkela ba leshome le metso e ’meli ka thōko eaba o re ho bona: “Bonang! Re nyolohela Jerusalema, ’me lintho tsohle tse ngotsoeng ka baprofeta+ mabapi le Mor’a motho li tla phetheha.+