Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 16:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Etsoe u ke ke ua tlohela moea oa ka Sheole.+

      U ke ke ua lumella ea tšepahalang oa hao hore a bone sekoti.+

  • Pesaleme 22:1-31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?+

      Ke hobane’ng ha u le hōle le ho mpholosa,+

      U le hōle le mantsoe a ho lumaela ha ka?+

       2 Molimo oa ka, ke ntse ke hooa motšehare, ’me ha u arabe;+

      Le bosiu, ’me ha ho khutso ho ’na.+

       3 Empa ua halalela,+

      U ahile lithorisong tsa Iseraele.+

       4 Bo-ntat’a rōna ba ile ba u tšepa;+

      Ba ile ba tšepa, ’me ua ’na ua ba pholosa.+

       5 Ba ile ba hoeletsa ho uena,+ eaba baa pholoha;+

      Ba ile ba u tšepa, ’me ha baa ka ba hlajoa ke lihlong.+

       6 Empa ’na ke sebōkō,+ ha ke motho,

      Ke nyeliso ho batho le ea eisehang sechabeng.+

       7 Ha e le bohle ba mponang, ba mphetola litšeho;+

      Ba ntse ba ahlamisa melomo, ba ntse ba sisinya lihlooho:+

       8 “O ipehile ho Jehova.+ A ke A mo pholose!+

      A ke a mo lopolle, kaha o khahliloe ke eena!”+

       9 Etsoe ke Uena ea neng a nkhula ka mpeng,+

      Ea neng a etsa hore ke be le tšepo ha ke ntse ke le matsoeleng a ’Mè.+

      10 Ke lahletsoe ho uena ho tsoa ka pōpelong;+

      U bile Molimo oa ka ke sa le ka mpeng ea ’Mè.+

      11 U se ke ua ba hōle le ’na, hobane mahlomola a haufi,+

      Hobane ha ho mothusi e mong.+

      12 Lipohoana tse ngata li mpota-potile;+

      Ba matla ba Bashane ba nteetse hare.+

      13 Ba ahlamisitse melomo ea bona khahlanong le ’na,+

      Joaloka tau e rusollang le e purumang.+

      14 Ke tšolotsoe joaloka metsi,+

      Masapo ’ohle a ka a arohantsoe.+

      Pelo ea ka e joaloka boka ba linotši;+

      E qhibilihetse tlaase lithong tsa ka tse ka hare.+

      15 Matla a ka a omeletse feela joaloka lengeta,+

      Le leleme la ka le khomaretsoa mareneneng a ka;+

      U mpeha lerōleng la lefu.+

      16 Etsoe lintja li mpota-potile;+

      Phutheho ea baetsi ba bobe e nteetse hare.+

      Ba matsohong a ka le maotong a ka joaloka tau.+

      17 Nka bala masapo a ka kaofela.+

      Baa talima, baa ntalima.+

      18 Ba arolelana liaparo tsa ka,+

      Ba lahla lotho bakeng liaparo tsa ka.+

      19 Empa Jehova, u se ke ua ba hōle.+

      Uena matla a ka,+ u potlakele ho nthusa.+

      20 U lopolle moea oa ka saboleng,+

      Oona feela oa ka ho tsoa marōng a ntja;+

      21 Mpholose molomong oa tau,+

      U arabe ’me u mpholose linakeng tsa lipoho tse hlaha.+

      22 Ke tla bolela lebitso la hao+ ho barab’eso;+

      Ke tla u rorisa har’a phutheho.+

      23 Lōna ba tšabang Jehova, mo roriseng!+

      Lōna bohle peō ea Jakobo, mo tlotliseng!+

      Le mo tšabe, lōna bohle peō ea Iseraele.+

      24 Etsoe ha aa nyelisa+

      Kapa a nyonya mahloreho a ea hlorileng;+

      Ha aa mo patela sefahleho sa hae,+

      O ile a utloa ha a hoeletsa ho kōpa thuso ho eena.+

      25 Ho tsoa ho uena thoriso ea ka e tla ba phuthehong e khōlō;+

      Ke tla phetha boitlamo ba ka ka pel’a ba u tšabang.+

      26 Ba bonolo ba tla ja ’me ba khore;+

      Ba mo batlang ba tla rorisa Jehova.+

      E se eka lipelo tsa lōna li ka phela ka ho sa feleng.+

      27 Lipheletso tsohle tsa lefatše li tla hopola ’me li khutlele ho Jehova.+

      Malapa ’ohle a lichaba a tla inama ka pel’a hao.+

      28 Etsoe borena ke ba Jehova,+

      O laola lichaba.+

      29 Bohle ba nonneng ba lefatše ba tla ja ’me ba tla inama;+

      Bohle ba theohelang lerōleng ba tla khumama ka pel’a hae,+

      Ha ho eo le ka mohla a tlang ho boloka moea oa hae o phela.+

      30 Peō e tla mo sebeletsa;+

      Ho tla bolelloa moloko ka Jehova.+

      31 Ba tla tla ’me ba bolele ho loka ha hae+

      Ho batho ba tlang ho tsoaloa, hore o entse sena.+

  • Pesaleme 34:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 O lebela masapo ’ohle a hae;

      Ha ho le le leng la ’ona le robehileng.+

  • Pesaleme 41:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  9 Le motho ea nang le khotso le ’na, eo ke neng ke mo tšepa,+

      Ea neng a ja bohobe+ ba ka, o mphahamiselitse serethe.+

  • Pesaleme 69:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Empa ba ile ba mpha semela se chefo bakeng sa lijo,+

      Ba leka ho ’noesa asene ha ke nyoriloe.+

  • Esaia 53:1-12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 53 Ke mang ea behileng tumelo nthong eo re e utloileng?+ Ha e le letsoho la Jehova,+ le senoletsoe mang?+ 2 O tla hlaha joaloka lekala+ ka pel’a e mong, le joaloka motso naheng e se nang metsi. Ha a na sebōpeho se nang le seriti, leha e le bokhabane;+ ’me ha re mo bona, ha a na ponahalo e tla etsa hore re mo labalabele.+

      3 O ile a nyelisoa ’me a qojoa ke batho,+ motho ea reretsoeng bohloko le ho tloaelana le boloetse.+ E ne eka re pateloa sefahleho sa hae.+ O ile a nyelisoa, ’me ra mo nka e se oa bohlokoa.+ 4 Kannete o ile a jara maloetse a rōna;+ ’me ha e le bohloko ba rōna, o ile a bo jara.+ Empa ra lekanya hore oa otloa,+ o hlokofatsoa ke Molimo+ ’me oa hlorisoa.+ 5 Empa o ne a hlajoa+ ka lebaka la litlōlo tsa rōna;+ o ne a hatelloa ka lebaka la liphoso tsa rōna.+ Chapo e reretsoeng hore re be le khotso e bile holim ’a hae,+ ’me re fumane pholiso+ ka lebaka la maqeba a hae.+ 6 Re lelerile kaofela joaloka linku;+ e mong le e mong oa rōna o ile a leba tseleng ea hae; ’me Jehova o entse hore phoso ea rōna e tobane le eena.+ 7 O ile a ba tsietsing,+ ’me a itumella hore a hlorisoe;+ leha ho le joalo o ne a sa ahlamise molomo. O ne a tlisoa joaloka nku tlhabong;+ ’me joaloka nku e tšehali e fetohileng semumu ka pel’a bakuti ba eona, le eena o ne a sa ahlamise molomo.+

      8 O ile a tlosoa ka lebaka la thibelo le kahlolo;+ ’me ke mang ea tla nahanisisa ka lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae?+ Etsoe o ile a tlosoa+ naheng ea ba phelang.+ O ile a fumana chapo+ ka lebaka la tlōlo+ ea sechaba sa ka. 9 O tla etsa sebaka sa hae sa lepato hammoho le ba khopo,+ le sehlopha sa barui lefung la hae,+ ho sa tsotellehe hore o ne a sa etsa pefo+ ’me ho se na thetso molomong oa hae.+

      10 Empa Jehova o ile a thabela ho mo sithabetsa;+ o ile a mo kulisa.+ Haeba u tla beha moea oa hae e le nyehelo+ ea molato, o tla bona bana ba hae,+ o tla lelefatsa matsatsi a hae,+ ’me se thabeloang+ ke Jehova se tla atleha letsohong la hae.+ 11 Ka lebaka la khathatso ea moea oa hae o tla bona,+ a khotsofale.+ Ka lebaka la tsebo ea hae ea lokileng, mohlanka oa ka,+ o tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata;+ ’me o tla jara liphoso tsa bona.+ 12 Ka lebaka leo ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata,+ ’me thepa ea hae e hapuoeng o tla e arolelana le ba matla,+ ka lebaka la hore o tšolotse moea oa hae lefung,+ ’me o ile a balelloa le batlōli;+ o jere libe tsa batho ba bangata,+ ’me a kena lipakeng bakeng sa batlōli.+

  • Mikea 5:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 “Nakong ena ua itšeha,+ Uena morali oa phutuho; o behile thibello khahlanong le rōna.+ Ba tla otla moahloli oa Iseraele lerameng ka molamu.+

  • Zakaria 9:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Thaba haholo, Uena morali oa Sione.+ Hooa ka tlhōlo,+ Uena morali oa Jerusalema. Bona! Morena+ oa hao o tla ho uena.+ O lokile, e, o pholositsoe;+ o ikokobelitse,+ ’me o palame esele, eona phoofolo e hōlileng ka ho feletseng petsana e tona ea esele e tšehali.+

  • Zakaria 11:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Joale ka re ho bona: “Haeba ho lokile mahlong a lōna,+ mpheng moputso oa ka; empa haeba ho se joalo, le tlohele.” Ba ntefa moputso, likotoana tse mashome a mararo tsa silevera.+

  • Zakaria 13:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “Uena sabole, tsohela molisa oa ka matla,+ esita le monna ea shahlileng eo e leng oa heso,”+ ho bolela Jehova oa mabotho. “Otla molisa,+ ’me tsa mohlape li ke li hasanngoe;+ ka sebele ke tla khutlisa letsoho la ka holim ’a tseo e seng tsa bohlokoa.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela