Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 16:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Sechaba sa Baiseraele se mo fe+ lipoli tse peli tse tona tse nyenyane bakeng sa nyehelo ea sebe le ramo e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea secheso.

  • Baheberu 2:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ka lebaka leo, o ile a tlameha ho tšoana le “bana babo” ka litsela tsohle+ e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang ha a etsa mosebetsi oa Molimo. Hape o ile a fana ka sehlabelo+ se hlakolang libe tsa batho e le hore ba ka ba le khotso le Molimo.+

  • Baheberu 5:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Motho e mong le e mong ea khethoang hore e be moprista ea phahameng, o sebeletsa batho linthong tse amanang le borapeli ba bona ho Molimo+ e le hore a nyehele limpho le mahlabelo bakeng sa libe tsa bona.+ 2 O khona ho ba mosa* ho batho ba etsang liphoso hobane ba sa tsebe kaha le eena oa hopola hore o etsa liphoso. 3 Ka lebaka leo, o tlameha ho etsa linyehelo bakeng sa libe tsa hae joalokaha a etsa bakeng sa libe tsa sechaba.+

  • Baheberu 9:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Ho seng joalo o ne a tla lokela ho utloa bohloko hangata ho tloha ha lefatše le boptjoa. Empa o itlhahisitse hanngoe ebile e le la ho qetela hona joale qetellong ea mehla ena* e le hore a tlose sebe ka sehlabelo sa hae.+

  • 1 Johanne 2:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Bana ba ka bao ke ba ratang, ke le ngolla lintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi* ea lokileng+ ea ho Ntate, e leng Jesu Kreste.+ 2 Ke sehlabelo+ se hlakolang libe tsa rona+ e le hore re ka boelana le Molimo, eseng libe tsa rona feela empa le tsa lefatše lohle.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela