Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 8:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Leha ho le joalo, baprista ba maselamose ba etsa ntho e tšoanang ’me le bona ba etsa hore linqanqane li nyolohele naheng ea Egepeta.+

  • Deuteronoma 18:10-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Har’a lona ho se ke ha e-ba le motho leha e le ofe ea etsang sehlabelo ka ho chesa ngoana oa hae,+ ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose,+ ea batlang lipontšo tsa se tlang,+ moloi,+ 11 ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi, ea batlang keletso ho mang kapa mang ea reng o buisana le balimo,+ ea reng o bolela liketsahalo esale pele*+ kapa ea botsang bafu.+ 12 Mang kapa mang ea etsang lintho tsena oa nyonyeha ho Jehova. Ka lebaka la ho etsa lintho tsena tse nyonyehang, Jehova Molimo oa lona o lelekela lichaba tseo hole le lona.

  • Bagalata 5:19, 20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Liketso tse mpe li bonahala ka ho hlaka. Tsona ke: Boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ho se hloeke, boitšoaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa soabe,*+ 20 ho rapela litšoantšo, ho buisana le balimo,*+ lehloeo, liqabang, mona, bohale, ho se utloane, likarohano, lihlotšoana,

  • Tšenolo 21:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ha e le makoala, batho ba se nang tumelo,+ ba litšila le ba etsang lintho tse nyonyehang, babolai,+ ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba sebelisanang le bademona, ba rapelang litšoantšo le bohle ba leshano,+ ba tla lahleloa letšeng la mollo le sebabole.+ Letša leo la mollo le bolela lefu la bobeli.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela