Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 12:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Le se ke la rapela Jehova Molimo oa lona ka tsela eo hobane lichaba tseo li etsetsa melimo ea tsona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nyonyehang eo Jehova a e hloileng, esita le ho chesa bara le barali ba tsona mollong bakeng sa melimo ea tsona.+

  • 2 Marena 16:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ha Peka mora oa Remalia a e-na le lilemo tse 17 a busa, Akaze+ mora oa Morena Jothame oa Juda ea e-ba morena.

  • 2 Marena 16:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Empa o ile a etsa lintho tse neng li etsoa ke marena a Iseraele+ a ba a chesa* mora oa hae+ e le ha a etsisa mekhoa e nyonyehang ea lichaba+ tseo Jehova a li lelekileng ha Baiseraele ba ne ba hapa naha.

  • 2 Likronike 28:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Akaze+ o ne a le lilemo li 20 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. O ne a sa tšoane le moholo-holo oa hae Davida hobane o ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova.+

  • 2 Likronike 28:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Hape a etsa sehlabelo se kubellang mosi Khohlong ea Mora oa Hinome, a ba a chesa bara ba hae+ e le ha a etsisa mekhoa e nyonyehang ea lichaba+ tseo Jehova a li lelekileng ka pel’a Baiseraele.

  • Pesaleme 106:35-37
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Ho e-na le hoo, ba ile ba tloaelana le lichaba tseo,+

      Ba ithuta le mekhoa ea tsona.+

      36 Ba ’na ba rapela litšoantšo tsa tsona+

      ’Me lintho ha lia ka tsa ba tsamaela hantle.*+

      37 Ba ne ba etsetsa bademona mahlabelo+

      Ka bara le barali ba bona.

  • Jeremia 32:35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Ho feta moo, ba hahile libaka tse phahameng tsa Baale Khohlong ea Mora oa Hinome*+ e le hore ba chese bara le barali ba bona e le mahlabelo a etsetsoang Moloke+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela eona.+ Ha ho mohla nkileng ka nahana* hore ba etse ntho ena e nyonyehang ebe ba etsa hore Juda e etse sebe.’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela