Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 20:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Haeba motho a sa ntšepahalle* ka hore a ee ho batho ba reng ba buisana le balimo+ le ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele,*+ ke tla halefela motho eo ’me ke mo bolaee har’a batho ba habo.+

  • Deuteronoma 18:10-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Har’a lona ho se ke ha e-ba le motho leha e le ofe ea etsang sehlabelo ka ho chesa ngoana oa hae,+ ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose,+ ea batlang lipontšo tsa se tlang,+ moloi,+ 11 ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi, ea batlang keletso ho mang kapa mang ea reng o buisana le balimo,+ ea reng o bolela liketsahalo esale pele*+ kapa ea botsang bafu.+ 12 Mang kapa mang ea etsang lintho tsena oa nyonyeha ho Jehova. Ka lebaka la ho etsa lintho tsena tse nyonyehang, Jehova Molimo oa lona o lelekela lichaba tseo hole le lona.

  • 1 Likronike 10:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Kahoo, Saule a shoa ka lebaka la ho se tšepahalle Jehova hobane ha aa ka a mamela lentsoe la Jehova+ ebile o ile a kopa thuso ho motho ea reng o buisana le balimo+

  • Esaia 8:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Haeba ba ka re ho lona: “Botsang batho ba reng ba buisana le bafu kapa ba reng ba bolela liketsahalo esale pele* ba hoeshetsang le ba buelang ka marameng,” na le tla be le nepa ha le etsa joalo? Na batho ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona? Na ba lokela ho botsa batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela