-
Numere 14:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Sechaba sohle sa hoeletsa ’me sa lla bosiu boo bohle.+ 2 Baiseraele bohle ba qala ho korotlela Moshe le Arone+ ’me sechaba sohle sa bua le bona sa re: “Hoja ra shoella naheng ea Egepeta kapa ra shoella lefeelleng lena. 3 Ke hobane’ng ha Jehova a re tlisa naheng ee hore re tl’o bolaoa ka sabole?+ Basali ba rona le bana ba rona ba tla hapuoa.+ Na ha ho molemo hore re khutlele Egepeta?”+
-