-
Baahloli 3:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Ha Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova,+ Jehova o ile a khetha mopholosi e le hore a ba pholose+ e leng Othniele+ mora oa Kenaze, ngoan’abo Kalebe. 10 Jehova a mo fa moea oa hae o halalelang+ ’me ea e-ba moahloli oa Iseraele. Ha a ea ntoeng, Jehova a etsa hore a hlole Kushane-rishathaime morena oa Mesopotamia.*
-
-
Baahloli 14:5, 6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Eaba Samsone o ea Timna le batsoali ba hae. Ha a fihla lirapeng tsa morara tsa Timna, tau* ea tla e puruma ho eena. 6 Eaba moea o halalelang oa Jehova o mo fa matla.+ A e arola likoto tse peli feela joalokaha motho a ka arola potsanyane likoto tse peli ka matsoho a hae. Empa ha aa ka a bolella batsoali ba hae seo a se entseng.
-
-
1 Samuele 10:10, 11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Kahoo, ba tloha moo ba ea leralleng ’me sehlopha sa baprofeta sa kopana le eena. Hang-hang moea oa Molimo oa mo fa matla+ eaba o qala ho profeta+ le bona. 11 Ha batho bohle ba neng ba mo tseba ba bona a profeta le baprofeta, ba botsana ba re: “Ho etsahetse’ng ka mora oa Kishe? Na Saule le eena ke e mong oa baprofeta?”
-