31 Le se ke la batla thuso ho batho ba reng ba buisana le balimo+ ’me le se ke la batla keletso ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele*+ e le hore ba se ke ba le silafatsa. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.
6 Haeba motho a sa ntšepahalle* ka hore a ee ho batho ba reng ba buisana le balimo+ le ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele,*+ ke tla halefela motho eo ’me ke mo bolaee har’a batho ba habo.+
23 Borabele+ bo tšoana le sebe sa bonohe+ ’me boikhohomoso bo tšoana le boloi le ho rapela litšoantšo.* Kaha ha oa mamela Jehova,+ le eena oa u lahla hore u se ke oa ba morena.”+
3 Samuele o ne a se a shoele ’me Baiseraele bohle ba ne ba ile ba mo llela ’me ba mo pata Rama motseng oa habo.+ Saule o ne a tlositse batho ba buisanang le balimo naheng hammoho le batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.*+