Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 19:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Kaha Jonathane mora oa Saule o ne a rata Davida haholo,+ Jonathane a re ho Davida: “Ntate oa ka o batla hore u bolaoe. Ke kopa hore hoseng u itlhokomele ’me u tsamaee u e’o ipata sebakeng se sireletsehileng.

  • 1 Samuele 20:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Jonathane a re Davida a hlapanye hape hore o tla lula a mo rata. Jonathane o ne a rata Davida joalokaha a ithata.+

  • 1 Samuele 20:41
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 41 Ha mohlanka eo a tsamaea, Davida a tloha sebakeng se haufinyane se neng se le ka boroa. Eaba o itihela fatše ka mangole ’me a inama ka makhetlo a mararo. Ba hakana* ’me ba llelana empa Davida a lla le ho feta.

  • 1 Samuele 23:16-18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Jonathane mora oa Saule a ea ho Davida Horeshe ’me a mo thusa hore a fumane matla* ho Jehova.+ 17 A re ho eena: “U se ke oa tšoha hobane ntate oa ka Saule a ke ke a u fumana. U tla ba morena oa Iseraele+ ’me ’na ke tla ba oa bobeli ka mor’a hao le ntate oa ka Saule oa tseba.”+ 18 Joale ka bobeli ba etsa tumellano+ ka pel’a Jehova ’me Davida a ’na a lula Horeshe eaba Jonathane o ea hae.

  • Liproverbia 17:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle+

      ’Me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.+

  • Liproverbia 18:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Ho na le metsoalle e ratang ho utloisana bohloko+

      Empa ho na le motsoalle ea tšepahalang haholo ho feta ngoan’abo motho.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela