20 Hang ha Baiseraele ba utloa hore Jeroboame o khutlile, ba mo bitsetsa ka pel’a sechaba ’me ba mo etsa morena oa Iseraele eohle.+ Ke leloko la Juda feela le ileng la latela ntlo ea Davida.+
11Ha Roboame a fihla Jerusalema, a bokella banna ba leloko la Juda le la Benjamine+ e leng masole a koetlisitsoeng a 180 000 hore a loantše Baiseraele e le hore a khutlisetse borena ho eena.+