Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 3:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 E se eka molato oa polao ea Abnere o ka khutlela ho Joabe+ le ho bohle ba lelapa la ntate oa hae. E se eka lelapeng la Joabe ho ka lula ho e-na le monna eo setho sa hae sa botona se lutlang,+ molepera,+ monna ea holofetseng,* monna ea bolaoang ka sabole kapa ea hlokang lijo.”+

  • 1 Marena 2:31-34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Morena a re ho eena: “Etsa seo a se buileng, u mo bolaee ’me u mo pate. U se ke oa lumella hore ’na le lelapa la ntate re ikarabelle bakeng sa batho ba se nang molato bao Joabe a ba bolaileng.+ 32 Jehova o tla etsa hore a ikarabelle bakeng sa lefu la hae hobane o bolaile banna ba babeli ba neng ba lokile ho mo feta, ntate oa ka Davida a sa tsebe. O bolaile Abnere+ mora oa Nere molaoli oa masole a Iseraele+ le Amasa+ mora oa Jethere molaoli oa masole a Juda.+ 33 Joabe le bana* ba hae ba tla ikarabella ka ho sa feleng bakeng sa lefu la bona.+ Empa e se eka Jehova a ka etsa hore ho be le khotso bakeng sa bana* ba Davida, ntlo ea hae le terone ea hae ka ho sa feleng.” 34 Benaia mora oa Jehojada a tsamaea ’me a bolaea Joabe eaba o pateloa ntlong ea hae lefeelleng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela