-
Exoda 25:14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 U tla kenya lipalo ka har’a lireng mahlakoreng a Areka e le hore u jare Areka ka tsona.
-
-
Numere 4:15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Ha batho ba hlomolla litente tsa bona ’me ba tloha, Arone le bara ba hae ba koahele lintho tsa sebaka se halalelang le thepa eohle ea sebaka se halalelang.+ Ha ba qetile, bara ba Kohathe ba tle ba li nke+ empa ba se ke ba thetsa lintho tsa sebaka se halalelang, ho seng joalo ba tla shoa.+ Boikarabelo* ba bara ba Kohathe ke ho hlokomela lintho tsena tse amanang le tente ea pokano.
-
-
1 Marena 8:3-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Ha baholo bohle ba Iseraele ba fihla, baprista ba nka Areka.+ 4 Baprista le Balevi ba tlisa Areka ea Jehova, tente ea pokano+ le lisebelisoa tsohle tse halalelang tse neng li le ka tenteng. 5 Morena Solomone le batho bohle bao a neng a ba bitsitse ba ema ka pel’a Areka. Ho ile ha etsoa mahlabelo+ ka linku le likhomo tse ngata.
-