12 Morena Jojakine oa Juda a ea ho morena oa Babilona+ a e-na le ’mè oa hae, bahlanka ba hae, likhosana le balaoli ba hae ba lekhotla.+ Ha morena oa Babilona a e-na le lilemo tse robeli a busa, a isa Jojakine botlamuoeng.+
14 Morena Nebukadnezare a isa batho ba 10 000 ba Jerusalema botlamuoeng e leng likhosana tsohle,+ banna bohle ba matla, litsebi tsa mosebetsi oa matsoho le ba sebetsang ka tšepe.*+ Ba nka batho bohle naheng ntle le ba futsanehileng haholo.+
17 A etsa hore morena oa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaee bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa ea kulang.+ Molimo a etsa hore a felise lintho tsohle.+
20 A nka batho ba sa kang ba bolaoa ka sabole a ba isa botlamuoeng Babilona,+ ea e-ba basebeletsi ba hae+ le ba bara ba hae ho fihlela ’muso oa Persia o qala ho busa+
9 Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuoeng, ba balehetseng ka lehlakoreng la hae le batho ba bang kaofela ba setseng, a ba isa Babilona.
15 Nebuzaradane mookameli oa balebeli a hapa ba bang ba batho ba futsanehileng, a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuoeng. A hapa le ba balehetseng ka lehlakoreng la morena oa Babilona le ba bang kaofela bao e leng litsebi tsa mesebetsi ea matsoho.+