-
2 Likronike 36:17-19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 A etsa hore morena oa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaee bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa ea kulang.+ Molimo a etsa hore a felise lintho tsohle.+ 18 Lisebelisoa tsohle tsa ntlo ea Molimo oa ’nete, tse kholo le tse nyenyane, matlotlo a ntlo ea Jehova le matlotlo a morena le likhosana tsa hae, kaofela a li isa Babilona.+ 19 A chesa ntlo ea Molimo oa ’nete,+ a liha lerako la Jerusalema,+ a chesa litora tsohle tsa eona tse sireletsehileng ’me a senya lintho tsohle tsa bohlokoa.+
-