Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 9:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ntlo ena e tla senyeha.+ Motho e mong le e mong ea fetang o tla e makalla, a letse mololi a re, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+

  • 2 Likronike 36:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 A etsa hore morena oa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaee bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa ea kulang.+ Molimo a etsa hore a felise lintho tsohle.+

  • 2 Likronike 36:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 A chesa ntlo ea Molimo oa ’nete,+ a liha lerako la Jerusalema,+ a chesa litora tsohle tsa eona tse sireletsehileng ’me a senya lintho tsohle tsa bohlokoa.+

  • Pesaleme 74:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Tsona le bana ba tsona li itse ka lipelong tsa tsona:

      “Libaka tsohle tsa Molimo* tseo ho kopaneloang ho tsona naheng ena li lokela ho chesoa.”

  • Pesaleme 79:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 79 Molimo, lichaba li hlasetse lefa la hao.+

      Li silafalitse tempele ea hao e halalelang.+

      Li entse Jerusalema qubu ea majoe.+

  • Jeremia 26:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 “Mehleng ea Ezekiase+ morena oa Juda, Mikea+ oa Moreshethe o ne a profeta ’me a re ho batho bohle ba Juda: ‘Jehova oa mabotho o re:

      “Sione e tla lengoa joaloka tšimo,

      Jerusalema e tla fetoha qubu ea majoe+

      ’Me thaba ea tempele* e tla tšoana le leralla le nang le lifate.”’*+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Jehova o lahlile aletare ea hae.

      O furaletse sehalalelo sa hae.+

      O nehelane ka mehaho ea Sione e melelele e sireletsehileng.+

      Ba entse lerata ka tlung ea Jehova+ ekare ke letsatsi la mokete.

  • Ezekiele 24:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 “Bolella Baiseraele hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke haufi le ho silafatsa sehalalelo sa ka,+ seo le ikotlang sefuba ka sona le seo le se ratang ka lipelo tsohle tsa lona. Bana ba lona bao le ba siileng ba tla bolaoa ka sabole.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela