Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 31:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ha ke ba tlisa naheng eo ke hlapanyelitseng baholo-holo ba bona hore ke tla ba fa eona,+ e phallang lebese le mahe a linotši,+ ba jele ba khotsofetse ’me ba atlehile,*+ ba tla sebeletsa melimo e meng ’me ba ke ke ba ntlhompha ebile ba tla tlola selekane sa ka.+

  • 2 Marena 17:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Jehova a ’na a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebelisa baprofeta bohle ba hae le batho bohle ba bonang lipono+ a re: “Tlohelang ho etsa lintho tse mpe!+ Le mamele litaelo tsa ka ho ea ka melao eohle eo ke e fileng baholo-holo ba lona le eo ke ileng ka le romella eona ke sebelisa bahlanka ba ka e leng baprofeta.” 14 Empa ha ba aa ka ba mamela, ba ne ba le manganga* joaloka baholo-holo ba bona ba neng ba sa bontše tumelo ho Jehova Molimo oa bona.+

  • Nehemia 9:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Leha ho le joalo, ha baa ka ba mamela eaba baa u fetohela+ ’me ba furalla Molao* oa hao. Ba bolaea baprofeta ba hao ba neng ba ba lemosa hore ba khutlele ho uena ’me ba etsa lintho tse bontšang hore ho hang ha ba u hlomphe.+

  • Esaia 1:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Ho malimabe sechaba se nang le sebe,+

      Batho ba imetsoeng ke phoso,

      Sehlopha sa batho ba khopo, bana ba bolileng.

      Ba lahlile Jehova,+

      Ba telletse Mohalaleli oa Iseraele.

      Ba mo furaletse.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela