Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 3:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Hamorao Johanne+ Mokolobetsi a tla lefeelleng la Judea eaba oa ruta+

  • Matheu 3:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ha e le hantle Johanne enoa ke eena eo moprofeta Esaia a neng a bua ka eena+ ha a re: “Ho na le motho ea hoeletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ea Jehova,* otlollang litsela tsa hae.’”+

  • Mareka 1:2-4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Mantsoe a ngotsoeng ke moprofeta Esaia a re: “(Ke romela moromuoa oa ka pele ho uena* ea tla lokisa tsela ea hao.)+ 3 Ho na le motho ea hoeletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ea Jehova,* otlollang litsela tsa hae.’”+ 4 Johanne Mokolobetsi o ne a le lefeelleng, a bolella batho hore ba kolobetsoe ho bontša hore ba bakile e le hore ba tšoareloe libe.+

  • Luka 3:3-6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Johanne a ea metseng eohle e potolohileng Jordane, a bolella batho hore ba kolobetsoe ho bontša hore ba bakile e le hore ba tšoareloe libe+ 4 joalokaha ho ngotsoe mantsoe ana bukeng ea moprofeta Esaia: “Ho na le motho ea hoeletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ea Jehova,* otlollang litsela tsa hae.+ 5 Khohlo e ’ngoe le e ’ngoe e katoe, thaba e ’ngoe le e ’ngoe le leralla li batalatsoe, litsela tse sa otlolohang li otlolloe le tse mpe li lokisoe 6 ’me bohle ba tla bona tsela eo Molimo a tla pholosa batho ka eona.’”+

  • Johanne 1:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 A re: “Ke ’na ea hoeletsang lefeelleng ea reng, ‘Otlollang tsela ea Jehova,’*+ feela joalokaha moprofeta Esaia a boletse.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela