-
Luka 3:2-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 E ne e le mehleng ea Kaifase+ le moprista e moholo Anase. Ka nako eo, ha Johanne+ mora oa Zakaria a le lefeelleng,+ Molimo a bua le eena.
3 Johanne a ea metseng eohle e potolohileng Jordane, a bolella batho hore ba kolobetsoe ho bontša hore ba bakile e le hore ba tšoareloe libe+ 4 joalokaha ho ngotsoe mantsoe ana bukeng ea moprofeta Esaia: “Ho na le motho ea hoeletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ea Jehova,* otlollang litsela tsa hae.+ 5 Khohlo e ’ngoe le e ’ngoe e katoe, thaba e ’ngoe le e ’ngoe le leralla li batalatsoe, litsela tse sa otlolohang li otlolloe le tse mpe li lokisoe 6 ’me bohle ba tla bona tsela eo Molimo a tla pholosa batho ka eona.’”+
-