Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 3:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Hamorao Johanne+ Mokolobetsi a tla lefeelleng la Judea eaba oa ruta+ 2 o re: “Bakang hobane ’Muso oa maholimo o atametse.”+ 3 Ha e le hantle Johanne enoa ke eena eo moprofeta Esaia a neng a bua ka eena+ ha a re: “Ho na le motho ea hoeletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ea Jehova,* otlollang litsela tsa hae.’”+

  • Matheu 11:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ha barutuoa ba Johanne ba ntse ba le tseleng, Jesu a re ho matšoele ka Johanne: “Monna eo le mo boneng lefeelleng ke mang?+ Na ke motho ea kang lehlaka le ntseng le tsukutloa ke moea?+

  • Matheu 11:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Enoa ke eo ho ngotsoeng tjena ka eena: ‘Ke romela moromuoa oa ka pele ho uena* ea tla lokisa tsela ea hao ka pel’a hao.’+

  • Mareka 1:2-4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Mantsoe a ngotsoeng ke moprofeta Esaia a re: “(Ke romela moromuoa oa ka pele ho uena* ea tla lokisa tsela ea hao.)+ 3 Ho na le motho ea hoeletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ea Jehova,* otlollang litsela tsa hae.’”+ 4 Johanne Mokolobetsi o ne a le lefeelleng, a bolella batho hore ba kolobetsoe ho bontša hore ba bakile e le hore ba tšoareloe libe.+

  • Luka 1:76
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 76 Empa uena ngoan’a ka, u tla bitsoa moprofeta oa Molimo Ea Phahameng ka ho Fetisisa kaha u tla tsamaea ka pel’a Jehova* ho lokisa litsela tsa hae,+

  • Johanne 1:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Monna e mong o ile a rongoa ke Molimo e le moemeli oa hae. Lebitso la hae e ne e le Johanne.+

  • Johanne 1:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 A re: “Ke ’na ea hoeletsang lefeelleng ea reng, ‘Otlollang tsela ea Jehova,’*+ feela joalokaha moprofeta Esaia a boletse.”+

  • Johanne 3:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Lea tseba hore ke itse ha ke Kreste+ empa ke rometsoe pele ho eena.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela