Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:45
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 45 Le tla tleloa ke likotlo tsena tsohle+ ho fihlela le felisitsoe+ hobane ha lea ka la mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lona le litaelo tseo a le laetseng tsona.+

  • Jeremia 44:12-14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ke tla nka Bajuda ba setseng ba pheheletseng ho ea lula Egepeta ’me kaofela ba tla shoella naheng ea Egepeta.+ Ba tla bolaoa ke sabole le tlala, ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui. Ba tla felisoa ke sabole le tlala. Batho ba tla tšoha ha ba ba bona, ba tla rohakoa, ba songoe ba be ba nyefoloe.+ 13 Ke tla otla ba lulang naheng ea Egepeta joalokaha ke otlile Jerusalema ka sabole, tlala le lefu la seoa.+ 14 Batho ba setseng ba Juda ba ileng Egepeta ho ea lula teng ba ke ke ba phela kapa ba phonyoha hore ba khutlele naheng ea Juda. Ba tla labalabela ho khutlela teng empa ba ke ke ba khutla. Ho tla khutla ba seng bakae feela ba phonyohileng.’”

  • Jeremia 44:27, 28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ke ba behile leihlo e le hore ke ba tlisetse tlokotsi eseng ntho e molemo.+ Bajuda bohle ba naheng ea Egepeta ba tla bolaoa ke sabole le tlala ho fihlela ba fela.+ 28 Ke ba seng bakae feela ba tla phonyoha sabole ’me ba khutlele naheng ea Juda+ ba tsoa Egepeta. Bohle ba setseng ba Juda ba tlileng naheng ea Egepeta ho tla lula teng ba tla tseba hore na ha e le ’na e le bona, ea neng a bua ’nete ke mang.”’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela