14 Jehova a re ho ’na: “Baprofeta bao ba profeta mashano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, ka ba laela kapa ka bua le bona.+ Ba le bolella pono ea bohata, bonohe bo se nang thuso le mashano ao ba iqapetseng ’ona.*+
15 Moprofeta Jeremia a re ho moprofeta Hanania:+ “Ke kopa u mamele uena Hanania! Jehova ha aa u roma empa u entse hore sechaba sena se lumele leshano.+
8 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: “Le se ke la lumela ho thetsoa ke linohe le baprofeta ba har’a lona+ hape le se ke la mamela litoro tseo ba li lorang. 9 Jehova o re: ‘Ba le profetela mashano ka lebitso la ka. Ha kea ba roma.’”+
6 Ba reng, ‘Jehova o itse’ empa Jehova a sa ba roma, ba bone lipono tsa leshano ’me ba profetile leshano. Leha ho le joalo, ba emetse hore mantsoe a bona a phethahale.+